Bolo ea maoto

Tumellano ya Khulumani Ndamane dipakeng tsa dinatla tsa Romania FCSB le TS Galaxy.

Dipuisano di ntse di mpefala mabapi le tumellano ya Khulumani Ndamane dipakeng tsa dinatla tsa Romania FCSB le TS Galaxy.

Sena se latela sebopeho se kgahlang sa ngwana ya dilemo di 21 sehleng sa hae sa pele ho Betway Premiership.

Motlatsi wa bohareng o hlahile makgetlo a 27 ditlhodisanong tsohle sehleng sa 2024/25.

Sena se etsahetse kamora hore a fallele ho Rockets ho tloha Kaizer Chiefs moo a neng a bapalla sehlopha sa DStv Diski Challenge.

Ka potlako e ile ea e-ba mohlokomedi 3a TS Galaxy ka morao.

O ile a bapala hantle hammoho le basebetsimmoho le eena McBerth Mahlangu le Mlungisi Mbunjana ka morao.

Matshwenyeho a Ndamane a ho hola, a entse hore a be le maikutlo a hae kaha a boetse a hapile mahlo a mokwetlisi oa sehlopha sa naha.

O ile a bitsetswa sehlopheng sa Bafana Bafana bakeng sa ditshwaneleho tsa Mohope wa Lefatshe wa FIFA wa 2026.

Leha ho le jwalo, o ile a tlameha ho ikhula sehlopheng sa Hugo Broos ka lebaka la ditaba tsa tokomane ya hae ya maeto.

Leha ho le jwalo, o ile a kgutlela sehlopheng sa naha ka Phuptjane, mme a bitswa Sebapadi sa Selemo sa Bafana Bafana papaling ya hae ya pele kgahlano le Tanzania.

Hona jwale FCSB e mo thahasella ka ditjhelete. Sehlopha sa Romania se se se na le mosireletsi wa Afrika Boroa Siyabonga Ngezana dibukeng tsa bona.

Jwale, ho latela FARPost, sehlopha se se se qadile dipuisano tsa semmuso le botsamaisi ba Ndamane hammoho le TS Galaxy.

Mehlodi e haufi le dipuisano e senola hore TS Galaxy e bulehile ho dumella sebapadi hore se tsamaee hafeela tjhelete e fanwang e le e khotsofatsang.

Leha ho le jwalo, thahasello e ntseng e hola ho Ndamane ha e felle feela sehlopheng sa Europe.

Ho sa le jwalo, Mamelodi Sundowns le yona e shebile boemo ba hae ka leihlo le nchocho mme e ka etsa motsamao o sa lebellwang bakeng sa hae.

  • Translator: Karabelo Molapo