Bolo ea maoto

Sipho Mbule a ke a ba sebapadi sa Kaizer Chiefs

Sipho Mbule a neng a bapalla Sehlopha sa Orlando Pirates, Ho utlwahala a keke a eba sebapadi sa Kaizer Chiefs

Jwalo kaha manejara wa hae Mike Makaab a tiisitse hore Kaizer Chiefs e fuwe monyetla wa ho tekena Sipho Mbule, lesedi le letjha le fana ka maikutlo a hore a keke a ya Naturena.

Isilena e ithutile ho tswa mohloding wa yona o tshepahalang hore Sipho Mbule ha a na ho ba setho sa Chiefs sehleng se tlang empa o tla dula Gauteng.

Mohlodi o kopileng ho se tsejwe o re Makaab o ne a soma balatedi feela ha a senola hore o fuwe Kaizer Chiefs.

O boletse hore dipuisano le sehlopha se seng di qadile le pele Mamelodi Sundowns e etsa qeto ka eena.

“Batsamaisi ba hae ba ne ba tseba hore ho na le menyetla e fokolang ya hore Sundowns e ka ntjhafatsa konteraka ya hae mme ba qala matsapa a ho mmatlela sehlopha se seng pele ho nako”.

“Mme ho latela seo ke se utlwileng, ha se Kaizer Chiefs e tla saena moshanyana enwa,” ho boletse mohlodi.

“Haeba a ka fuwa Chiefs, e ne e le tlhompho feela hobane dipuisano di ne di se di le maemong a hodimo le sehlopha se seng.”

Ha a hatellwa ho bolela sehlopha, mohlodi o itse ke dira tsa Chiefs, Orlando Pirates.

“Mohlomong o tla saenelwa ke Orlando Pirates haeba a e-so saene … o tla ya moo,” ho boletse mohlodi.

  • Translator: Karabelo Molapo