
Da Cruz o bua ka Bitegeko ya sa fumaneng nako ya ho bapala
Mokwetlisi wa Kaizer Chiefs Fernando Da Cruz, o hlalositse lebaka la hose bonahale ha Adolf Mtasingwa Bitegeko.
Sebapadi sena e bile karolo ya dipapadi tse tharo fela ho tse supileng tseo Chiefs e seng e dibapetse mehopeng e fapaneng.
Da Cruz, o hlalositse ha lebaka la tsena kaofela e le ho nka nako ha Bitegeko ho tlwaela makgulo.
“Ho mabapi le ho tlwaela makgulo a kwano Afrika Borwa hobane o fihlile morao ka nako ya ho itukisetsa sehla,” ho realo Da Cruz.
“O hloka nako ya ho tlwaela mekgwa eo re bapalang ka yona.”
Da Cruz o hlalositse ha Bitegeko e le karolo e kgolo ya meralo ya bona mme a tla fumana nako e lekaneng ya ho bapala haufinyana.
“Kena le tshepo e kgolo ho yena, ka mora phomolo ya FIFA o tla bapala dipapadi tse ngata. Retla hloka dibapadi kaofela mme Adolf o tla fumana metsotso.”
Chiefs e bapetse maleka lekgetlo la boraro ka tatellano mme sehlopha e ntse e le karolo ya tse tharo tse so lahlehelwe.
6 Matches played
3 Wins
3 Draws
12 Points
