Bolo ea maoto

Veli Mothwa o lahlehetswe ke Sebaka ho AmaZulu FC

Ho leka ho hlokomedisa mphatommoho le ena ka kotsi eo a e boneng lebaleng ho entse hore Veli Mothwa a lahlehelwe ke sebaka sa hae ho AmaZulu FC, mme e ka nna yaba ho entse hore a lokollwe.

Veli Mothwa ke e mong wa dibapadi tse mmalwa ba lokollotsweng ke lehlakore la Betway Premiership le Durban ha ba ntse ba itlhophisa pele ho sehla se setjha.

Mohlodi wa ditaba o senotse hore Mothwa o iphumane a le molato sehlopheng sena kamora boiteko ba hae ba ho hlokomedisa mphato-mmoho le eena.

Molebedi wa diphofu o re o ile a bona kotsi ka sekgeo se siilweng ke mphatommoho le eena le baleng, mme a mo hoeletsa ka taba eo, yaba ya hlokomelwa.

Jwalo ka ha le tseba, Veli ke motho ya tshehetsang basebetsi-mmoho le ena mme o dula a hoeletsa kgothatso kapa khothatso ha a ba bona ba le bentjheng,” mohlodi o boletse.

“Ho e nngwe ya dipapadi o ile a leka ho thusa Bongani Zungu ka ho mmolella ka lekgalo le neng le bulehile ka morA hae leo a bonang bahanyetsi ba ka le sebedisa hampe ho ntsha sehlopha kotsi.

“E ne e mpa e le keletso e tlwaelehileng ho eena, empa ba bang ba e nka ka tsela e fosahetseng ‘me a qosoa ka ho lemosa bahanyetsi ka bofokoli ba sehlopha.

“Boitšireletsong ba hae, o ile a botsa hore na ke hobaneng ha ho ne ho sa bue hantle ha ho ne ho nkwa e le bofokodi le hore na ke hobaneng ha sebapadi se nang le bofokodi boo se ne se bapalwa ha ba ntse ba tsejwa.

“Taba ena e ile  ya e ya sehlopheng seo ke se tsebang, mme ha aa ka a bapala ka mora papadi eo.

“Ke nahana hore ho lokollwa ha hae ho amana le ketsahalo eo hobane e ne e le moferefere hanyane.

“Kea tseba hore ba bang ba dumela hore e ne e le ka lebaka la sebopeho sa hae se fosahetseng … Seo e ka nna ya e-ba sesosa, empa bothata bo qadile ha a leka ho thusa.”

  • Translator: Karabelo Molapo