Bolo ea maoto

Jose Riveiro o hlakisa ho itokolla ha Bucs, o hana ho ba lehlabaphio

Jose Riveiro, Mokwetlisi wa mehleng wa Orlando Pirates o senotse mabaka a hae a ho tswa sehlopheng.

Hajwale José Riveiro o Miami, USA, moo a ikwetlisetsang le dinatla tsa Egepeta Al Ahly pele ho Mohope wa Lefatshe wa Fifa Club.

Ha ho senolwa hore ha a na ho ntjhafatsa konteraka ya hae le Pirates, ho ile ha hlaha menyenyetsi ya hore ke hobane a hlolohelwa lelapa la hae.

Leha ho le jwalo, ha a bua ho Sports Nights Amplified ka Labone, Riveiro o ile a qhela menyenyetsi eo mme a senola lebaka la hae la ho tlohela Pirates.

“tjhe, eo e ne e le pale feela e makatsang eo ke sa tsebeng tshimoloho ya qeto ya ka.

“Ha ho mohla nkileng ka re ke tsamaya ka lebaka la ho ba hōle le lelapa, kapa ka lebaka la ditaba tsa lelapa, kapa ntho leha e le efe e kang eo,” ho hlalosa Rivero.

Ho e-na le hoo, Mosepanishe o itse qeto ea hae e mabapi le nako, khōlo, le ho amohela phephetso e ntjha.

” E ne e le mabapi le ho utlwa hore nako ya ka sehlopheng e ne e le ntle mme ke tshepa hore motho e mong le e mong ke ena, jwale ke nako ya hore ke tsamaee.

“Ke nahana hore ho molemo ho fa Pirates monyetla wa ho tswela pele ka tsela e fapaneng, ho leka ho fumana phephetso e fapaneng.

“Le hore sehlopha se fumane motho ha ka ntshetsang pele leeto le ho isa sehlopha boemong bo latelang,” ho boletse Riveiro.

José Riveiro o ile a etella pele Pirates ka katleho, a hapa dikgau tse hlano nakong ya hae Afrika Borwa.

O hlalositse ho fallela ha hae ho Al Ahly e le tsela e molemohadi ya ho ntlafatsa bophelo ba hae le mosebetsi wa hae.

“Al Ahly hape ke sehlopha se o fang sethala sa ho tswela pele ho hola le ho hapa.

“E ne e le yona eo ke neng ke e bona e le molemo ka ho fetisisa haeba ke tlameha ho tswela pele ka tswelo-pele ya ka ya bolo ya maoto,” a phaella ka ho re.

José Riveiro o ile a hatisa hore tsela eo a hōtseng ka yona ho tloha bonyenyaneng, ha se motho ya tla tletleba ka ho hlolohelwa hae.

  • Translator: Karabelo Molapo