Bolo ea maoto

Teko Modise o bua ka sehlopha sa Kaizer Chiefs

Teko Modise o qosa boleng ba dibapadi ho Chiefs, eseng Nabi

Leha ho le jwalo, Nabi o ile a sitwa ho kgahlisa balatedi ba Marena ka ho hapa Nedbank Cup ka Moqebelo.

Chiefs e tla bapala le Orlando Pirates papading ya ho qetela ya sehla sena Lebaleng la dipapadi la Moses Mabhida Durban.

“Le hoja re bona hore Nabi ha a na nako e ngata, na o na le dibapadi tsa boleng?” ha botsa Modise.

“Bothata ke hore ha ho motho ya batlang ho bua ka boleng ba dibapadi tsa Kaizer Chiefs – bakwetlisi ba dula ba qoswa.” “Ke hobaneng ha bakwetlisi ba dula ba fetoha, empa dibapadi di ntse di tshwana? Bothata boo ke ba mang?”

“Haeba o batla hore Chiefs e hape, o tlameha ho sheba ka nepo hore na e boemong bofe, le hore na e qothisana lehlokwa le dihlopha dife ho latela dibapadi.”

E tlameha ebe ba qothisana lehlokwa le Mamelodi Sundowns kapa Orlando Pirates mme ha ke bue ka dikgau, ke bolela ka dibapadi.

Ho tloha ha e qala, Kaizer Chiefs e hahilwe holima dibapadi tsa dinaledi tsa maemo a hodimo.

“Empa jwale o ntse o ipotsa hore na ke hobaneng ha re ntse re re mokwetlisi o ntse a leka ho kopanya moralo ho setse dipapadi tse nnè.”

“Seo sea tšhwenya, ho ne ho eba le nako ha ho itokisetsa nako ya selemo nme ke sona se neng se lokela ho etswa, ​​​​nme dipapadi tsa botswalle di ne di bapalwa ho etsa sohle seo.”

“Ho Pirates ua tseba hore na ke mang ya tla bapala – mme ha o sheba sehlopha se qalang, o ka bona hore ke dipoho tse kileng tsa tlamellwa, jwale di se di ntse di bapalwa.”

Teko Modise o ile a boela a lla Ka Nasreddine Nabi ka ho ba madimabe a ho dula a lematswa ke diibapadi, a mo qobella ho qetella a sebedisa dibapadi tse sa sebetseng hantle.

  • Translator: Karabelo Molapo

Etswa ho:

http://Sabc Sports.co.za