
Jose Riveiro o senola seo a ithutileng sona ho lwantshwa Messi
Mokwetlisi wa mehleng wa Orlando Pirates, Jose Riveiro, o fane ka maikutlo a hae kamora papadi ya hae ya pele ya semmuso a laola Al Ahly.
Al Ahly ga Jose Riveiro e ile ya qeta papadi ka dintlha tse 0-0.Lionel Messi’s Inter Miami papading ya bona ya pele ya Mohope wa Lefatshe wa FIFA Club.
Papadi ya Sehlopha e bapatswe lebaleng la dipapadi la Hard Rock ka moqebelo bosiu (Sontaha hoseng nako ya Afrika Borwa).
E tšhwaile papadi ya pele ya Riveiro bakeng sa finatla tsa Baegepeta. Spaniard e sa tsea nka taolo ya Al Ahly.
O kentse letsoho ka konteraka ya dilemo tse pedi, a nka sebaka sa Marcel Koller, ya ileng a lelekwa ka mora ho tswa ha bona la semi-final ho tswa ho Caf Champions League.
Al Ahly e lahlehetswe ke semi-final ya yona ho dinatla tsa Afrika Borwa Mamelodi Sundowns.
Jose Riveiro o ile a dumela hore ho ikamahanya le maemo a ka ntle ho Egepeta e bile phephetso.
Ho fapane haholo le ho bapala Egepeta, o bolelletse webosaete ya semmuso ya FIFA.
“ke thehile menyetla e metle, mme haeba re ne re e nkile ka tsela e nepahetseng, papadi e ka be e tsamaile ka tsela ya rona.”
Ho sa tsotellehe ho laola halofo ya pele, Riveiro o re sehlopha sa hae se ile sa lahlehelwa ke matla ka mora kgefu.
“Re bile le mathata a ho fetola tempo le ho fetisa bolo hantle. Motjheso o re amme, empa ho na le dintho tse ntle tseo re lokelang ho di tlosa ho yona. ”
O rorisitse Inter Miami mme a fana ka tshepo ya diphetho tse ntle dipapading tse tlang.
“Re tseba seo re hlokang ho ntlafatsa ho sona mme re tla tswelapele ho sutumetsa. Ho emela Al Ahly boemong bona ke taba e kgolo.”
Al Ahly e tla latela Palmeiras ya Brazil papading ya bona ya bobedi ka Labone. Papadi e reretswe ho qala ka hora ya botshelela mantsiboya.
- Translator: Karabelo Molapo
