Bolo ea maoto

Kwayiba wa Chippa o ne a amahanngwa le ho falla ho Bucs

Motsamaisi e motjha wa dipapadi wa Chippa United, Sinesipho Mali, o potlakile ho araba ha a botswa ka bokamoso ba naledi e ntseng e hola, Sinoxolo Kwayiba.

Mohlankana enwa ya dilemo di 25 o hokahantswe haholo le Orlando Pirates, eo ho bolelwang hore e tla bapalla sehlopha sehleng se tlang.

Pejana selemong sena, ho ile ha tlalehwa hore dihlopha tsena tse pedii – Chippa le Pirates – di fihletse tumellano ya ho rekisa Sinoxolo Kwayiba.

Leha ho le jwalo, ha ho netefatso ya semmuso e entsweng ke sehlopha ka seng.

Mohlasedi wa Bafana Bafana, ya kgahlileng ditshwaantshiso tsa hae sehleng sena, ho ntse ho nahanwa ka bokamoso ba hae.

Ha a bua ho Sports Night Amplified, Mali o amohetse hore sehlopha se ntse se phethela merero ya sona ya dibapadi.

“Re ntse re sebetsa sehlopheng sa hajwale mme re tla etsa dikgothaletso ka nako e nepahetseng,” ho boletse Mali.

“Mme jwale, sebopeho sa sehlopha, ha se lekunutu – re sehlopha se rekisang dibapadi.

“Empa dintho tseo kaofela di tla tla hamorao.”

Ha a botswa ka kotloloho hore na Sinoxolo Kwayiba o ntse a tla be a le Chippa sehleng se tlang, Mali o ile a ipata ka monwana o motona.

Hajwale o kampong ya Bafana Bafana.

“Empa ha nako e ntse e tsamaya, dintho di tla ba teng,” ho tswelapele sebapadi sa mehleng sa Kaizer Chiefs.

O ile a tswela pele ho qaqisa leeto la Kwayiba, a le sebedisa e le mohlala wa kamoo sehlopha se etsang kgwebo kateng.

“Kwayiba o ile a bapalla Pretoria Callies pele a kena Chippa. Ka lebaka la mohlala wa sehlopha, thahasello e tla dula e le teng”.

  • TRANSLATOR: KARABELO MOLAPO