Bolo ea maoto

Diago Peral o re o swabile haholo

Mokwetlisi wa Cape Town City, Diogo Peral, o ile a sala a nyahame ka mora hore sehlopha sa hae se kopane 0-0 le Orbit College papading ya bona ya pele ya ho tshwaneleha ka Moqebelo thapama.

Lehlakore la Cape Town City le ntse le lwana ho qoba ho theoha le ho dula ho Betway Premiership.

Sephetho sa Moqebelo se ne se lebelletswe haholo ke Orbit Collage e ileng ya nka ntlha ya bohlokwa ya hole, ya ba beha maemong a matle bakeng sa dipapadi.

Orbit College jwale e dutse sehlohlolong sa sehlopha sa dihlopha tse tharo ka dintlha tse pedi diipapading tse pedi.

‘Ho hula lapeng ha hwa lekana. Re ne re hloka ho fumana sephetho, re hloka ho fumana dintlha mona, ”ho boletse Peral kamora papadi.

Empa ke utlwa eka e bile diholwana tse ntle kaha dihlopha ka bobedi di bile le menyetla e lekanang.

“Ka lehlakoreng la rona, e ne e sa lekana, re ne re hloka ho feta.

“Kahoo jwale re tla hloka ho ya etsa betere tseleng, nme re fumane dintlha,” ho eketsa Peral.

Mokwetlisi o boetse a dumela hore le hoja ba ne ba e-na le menyetla e metle, ha baa ka ba etsa ho lekaneng, haholo-holo lapeng.

“Re theha menyetla, empa re hloka ho ba betere ha re ea ka pele ho sepheo sa bohanyetsi – re hloka ho ba mabifi le ho feta.

“Ha ke tsebe hore na re thehile menyetla e lekaneng. Lapeng re ka be re ba baketse mathata ha re kena ka lebokoseng la bona. Ha ke nahane hore re entse jwalo kajeno.”

Hona jeale Cape Town City e tla leba Mpumalanga moo e tla tobana le Casric Stars papading ya yona ya bobedi moo e tla hloka sephetho se betere.

“Ke papadi e fapaneng. Re tla be re le siyo hae. Tsena ke dihlopha tse fapaneng haholo ka tsela eo di bapalang ka yona.

  • Translator: Karabelo Molapo