Bolo ea maoto

SuperSport United e ne e keteka

SuperSport United e ile ya keteka ka mora papadi ya bona ya labone.

O ne o ka nahana hore SuperSport United e qeta ho hapa mohope o moholo ka Labone thapama, ho latela tsela eo ba neng ba keteka ka yona.

Empa mokete ona o neng o tshwaretswe Lucas Moripe Stadium e ne e se a ho natefelwa ke mohope, e ne e le wa ho pholoha ntweng.

SuperSport United e phonyohile lerabeng la di-play-offs ka ho hula 1-1 le Golden Arrows.

Ena e ne e se papadi e tlwaelehileng kaha e nkile metsotso e 45 feela.

E ile ya emiswa kgweding e fetileng ka mora ho kgaoha ha motlakase lebaleng la dipapadi.

E ile ya emiswa ka nako ya phomolo, mme dihlopha ka bobedi di ne di e-na le sepheo  mme ya tswela pele moo ka Labone.

Ha a bua ka mora papadk, mokwetlisi Andre Arendse o ile a senola hore ho sa tsotellehe ho bapala ka boemo bo phahameng, o ne a ikutlwa a le kgatello e kgolo ka lekgetlo la pele.

“E ne e le metsotso e telele ka ho fetisisa e 45 bophelong ba ka,” Arendse o boletse ka mor’a papali.

“Ho na le histori e telele e amanang le lab eo. Ha ke bua ka papadi ene e se tsela eo re neng re bapala ka yona.”

Empa boemo bo ile ba re qobella ho etsa dintho tseo re neng re sa di tlwaela hobane re ne re tlameha ho etsa bonnete ba hore re boemong boo re leng ho bona hona jwale.

Mohlankana enwa, eo e neng e le mothiki-diphodi ya ileng a pholosa Bafana Bafana nakong ya Mohope wa Lefatshe, o re kgatello ya Labone e ne e le qalo feela.

“E ne e le phephetso e kholo. Ke ne ke bua le sehlopha sa ka hoseng hona mme ka re ka dilemo tse 30 tsa bolo ea maoto ke utlwile maikutlo a fapaneng, ena e ne e fapane haholo.”

“Ke seo re neng re tlameha ho se bontsha – boinehelo. Ke seo re se entseng kajeno, ke babatsa dibapadi ka seo.”

  • Translator: Karabelo Molapo