Bolo ea maoto

Fawaaz Basadien o buile ka menyenyetsi e mo amahanyang le big 3

Naledi ya Stellenbosch FC le Bafana Bafana, Fawaaz Basadien, o buile kgetlo la pele ka menyenyetsi e mo amahanyang le ‘Big 3’.

Ho tlalehwa hore sebapadi sa leqele se batlwa ke Mamelodi Sundowns, Kaizer Chiefs le Orlando Pirates.

Fawaaz Basadien, 28, o bile le nako e monate bakeng sa Stellenbosch.

Fawaaz o bapetse dipapadi tse 46, a habile dipheo tse supileng mme a fana ka bathusi ba robedi ditlhodisanong tsohle.

Fawaaz o ile a thusa sehlopha ho fihlela semi-faenale ya Caf Confederation Cup.

Ba ile ba ntshwa ke Simba SC ea Tanzania.

Ho Betway Premiership, Fawaaz Basadien o ile a bapala karolo ya bohlokwa ha Stellenbosch e qeta boraro.

Ba qetile nako ya selemo ka dintlha tse 48 dipapading tse 28.

Ba hlotswe ho qetela ho MTN8.

Qeto ena e matla e bolela hore o tla kgutlela tlhodisanong ya Caf sehleng se tlang.

Sena se entse Basadien e mong ww basireletsi ba tsheptjoang ka ho fetisisa naheng ena, empa leha ho na le menyenyetsi, o tsepamisitse maikutlo ho bapala.

O re sepheo sa hae ke ho ntlafatsa tshebetso ya hae hore a tle a tswele pele ho thusa sehlopha sa hae.

O ile a re: “Ho nna, ntho ea bohlokw hona jwale ke ho tsepamisa maikutlo ho seo ke sitwang ho se laola.”

“Mabarebare aa thabisa, empa sepheo sa ka se seholo ke ho tswela pele ho bapala le ho ntlafala letsatsi le leng le le leng.”

Fawaaz Basadien, leha ho le jwalo, o dumetse hore le eena o lakatsa ho bapalla sehlopha se seholo.

“Sebapadi se seng le se seng se batla ho fumana ho feta mme mohlomong se kenelle sehlopheng se seholo,”a tswela pele.

” Empa ke nako, Ha ke potlakele ho tsamaya.

Hona jwale, ke batla ho tsepamisa maikutlo papading ya ka”, o boletse jwalo

O hlakisitse hore leha thahasello e ntse e hola, ntho ya bohlokoa ho eena ke Stellenbosch.

“Ke rata ho ya sehlopheng se seng, ke nnete. Empa mosebetsi oa ka ke ho tswela pele ho bapala hantle bakeng sa Stellenbosch.”

Boemo ba konteraka ya Basadien le bokamoso ba hae bo ntse bo le teng dipuisanong, mohlomong ho fihlela a saena sehlopha se seng, kapa fensetere ya phetisetso e kwalwa.

  • Translator: Karabelo Molapo