
Makaab Mike o sireletsa Sipho Mbule
Mookamedi o ‘sireletsa’ Sipho Mbule boitshwarong bo bobe hajwale Sipho Mbule ha a na sehlopha, mme ho bonahala a ke ke a kgona ho se fumana ka lebaka la diqoso tse kgahlanong le eena.
Mamelodi Sundowns ha e so ntjhafatse konteraka ya hae.
Sehlopha se ne se lokela ho etsa jwalo pele ho la 31 Motsheanong empa se sa bontshe thahasello.
Sipho Mbule o qetile sehla se fetileng a adima Sekhukhune United.
Hona jwale, mookamedi wa hae Mike Makaab o arabile mashano a mabe ka eena.
O buile ka ditlaleho tsa boitshwaro bo bobe ba Mbule.
Diketsahalo tse pedi tsa Sekhukhune di bile dihlooho tsa ditaba, e nngwe ya tsona e ile ya hlakolwa ka potlako.
Empa Makaab o re boholo ba dintho tse buwang ka sebapadi sena hase mnete.
“Ntho e bohloko ke hore ke leshano,” Makaab o boletse puisanong le Soccer Laduma.
Hang ha sebapadi se tshwailwe, dontho tse mpe dia mo latela.
O ile a phaella ka hore dibapadi tse nang le botumo bo botle dia sireletseha.
Empa ba nkwang e le ditlokotsebe kamehla ba pepesetswa lefatshe haeba ba etsa phoso.
Makaab o ile a dumela hore Sipho Mbule ha se lengeloi, empa a re ditlaleho tsa morao tjena ka eena dia kgelosa.
“Seo ho buuwang ka ena se sia dipotso tse ngata,” a tswela pele.
O ile a kgetha ho se kenye dintlha tse qaqileng mabapi le sena.
“Ha nka kena ho yona, ke tla kenyelletsa batho ba bang ho yona,” ho boletse Makaab.
Mookameli, ya sebeditseng bolo ya maoto ka dilemo tse 28, o hatelletse hore Mbule o ahlolwa ka leeme.
- BALA HAPE: Sundowns e tla Ntjhafatsa sehlopha
O ile a phaella ka ho re: “Ha ke mo sireletse, empa ke tseba nnete. Leha ho na le ditlaleho tsena, Sipho Mbule o fetohile sebapadi se batlwang ke dihlopha tse itseng.
- Translator: Karabelo Molapo
