Bolo ea maoto

Jean Lwamba ore a ka rarolla se etsahalang ho Kaizer Chiefs kapa Orlando Pirates

Mohlasedi wa Congo, Jean Lwamba, ya ileng a kgethwa e le sebapadi se hlwahlwa sa liki ya Botswana Premier, o batla ho ikopanya le se seng sa mekaloba ya Soweto.

Lwamba ore a ka rarolla mathata a ho nona mapheo a Kaizer Chiefs kapa Orlando Pirates.

Lwamba ha a motlotlo feela ka ho bitswa sebapadi se hlwahlwa ka ho fetisisa, empa hape ke mohlahisi ya phahameng ka ho fetisisa, a se a nkile makgetlo a 15.

Hona jwale o bontshitse takatso ya hae ya ho fallela Betway Premiership ho bontsha bokgoni ba hae sehlopheng se seholo.

Mme ha jwale ha a batle ho kena sehlopheng sefe kapa sefe, empa o batla ho kenela se seng sa diqhobane tsa Soweto.

Puisanong le KickOff, sebapadi sa Congo se senotse hore o ikemiseditse ho nka mohato o tswelang pele mosebetsing wa hae.

O batla ho etsa sena ka ho fumana sehlopha sehlopheng sa maemo a hodimo sa bolo ya maoto Afrika Borwa.

Naledi ya  Tafic FC e itshepa hore e ka kgona ho rarolla mathata a ho paka dikgeo tsa dinatla tsa Soweto, Kaizer Chiefs kapa Orlando Pirates.

O kene sehlopheng sa Botswana bakeng sa sehla sa 2024/25, mme jwale o saletswe ke selemo konteraka ya hae.

Jean o boletse hore, “Sehlopha sefe kapa sefe se nang le thahasello ho nna se tla tlameha ho bua le mookamedi wa ka le sehlopha sa ka”

“Ke kgona ho bapala jwalo ka sehlasedi kapa ka lehlakoreng le letona kapa le letshehadi,” ho rialo Jean, a ithekisa.

“Ha ke kgone ho bua haholo ka nna hobane ke tseba seo nka se etsang.

Ke kgona ho tlwaelana le sehlopha sefe kapa sefe sa Afrika Borwa, esita le Kaizer Chiefs kapa Orlando Pirates.

Ho sa tsotellehe thoriso ya hae, o itse o bua haholo tshimong ka ho etsa mosebetsi oo a o filweng.

  • Translator: Karabelo Molapo