Bolo ea maoto

Sedwyn George wa Royal AM o fumana dikgau tse tharo tsa PSL

Sedwyn George, Sebapadi sa mehleng sa Royal AM  a ka kgutlela Betway Premiership ka matla kaha haufinyane o tla fumaneha bakeng sa phetisetso ya mahala ho sehlopha seo a se kgethileng.

Ho senotswe hore Sedwyn George o lethathamong le batlwang ke dihlopha tse pedi tsa Betway Premiership, e nngwe ya tsona e leng Motsepe Foundation Championship.

Mosebetsi wa George o ile wa senyeha haholo ha Royal AM e sitwa ho tswela pele ka dipapadi tsa bona tsa Premier ka lebaka la mathata a ditjhelete.

Kamora ho lelekwa ha Royal AM ho PSL, o ile a saena konteraka ya nakwana le Highbury FC ho Championship. Konteraka e fela ka la 30 Phuptjane.

KickOff e tlaleha hore ha a na ho haellwa ke sehlopha seo a tla se bapalla kaha TS Galaxy le Highbury FC di se di bontshitse thahasello ya tsona ho ena.

“Sehlopha sa Premier ke TS Galaxy, athe NFD o batlaa ke sehlopha seo a se bapaditseng sehleng se fetileng, Highbury FC.

“Takatso ya hae ya pele e ne e le Galaxy, ho utlwahala kaha sebapadi se seng le se seng se batla ho bapala ho Premier.

“Ha ho so hlake hore na ke hobaneng ha Galaxy e nka nako e telele hakana.

Empa ke nahana hore e amana le ho hlokahala ha mme wa modulasetulo wa bona Tim Sukazi.

“O se a kgutsitse ka matsatsi a leshome jwale, a sa bue letho,” mohlodi o qotsitswe jwalo.

“Kahoo moshemane ha aa ka a kgona ho ema ho feta moo. O ile a tlameha ho qala ka ho sheba tswelopele e meng ya dihlopha tseo a neng a di batla haeba Galaxy e ka qetella e kgutsitse.

Highbury FC, moo a ileng a bapala karolo ya ho qetela ya sehla se fetileng, e batla ho mo boloka, le ho tswela pele le eena sehleng se tlang.

  •  Translator: Karabelo Molapo