
Rulani Mokwena o eleditswe ho kena ho Pirates
Mokwetlisi wa mehleng wa Wydad Athletic, Rulani Mokwena, o latotse hore ha a tsebe letho ka dipuisano tse belaellwang dipakeng tsa hae le Orlando Pirates.
Empa o dumetse hore o tla nahana ho kgutlela ho Orlando Pirates haeba a ka fumana tlhahiso e jwalo.
Setsebi sa maqheka se dilemo di 38 se sa tswa arohana le Wydad kamora ho ba isa sebakeng sa boraro ho Botola Pro I.
Boiteko ba hae bo thusitse sehlopha ho kgutlela ho Caf Champions League ha se ntse se ntlafatsa maemo a sona ho log – ho tloha sebakeng sa botshelela ho isa ho sa boraro.
Ho sa tsotellehe tswelo-pele ena, Mokwena o ile a tloha Wydad qetellong ya sehla mme hajwale ha a na sehlopha.
Lebitso la Mokwena le nnile la amahanngwa le boemo ba bokwetlisi ba Pirates hobane feela ba se na motho kamora ho tloha ha Jose Riveiro.
O kile a sebetsa ho sehlopha sa bakwetlisi ho dinatla tsa Soweto mme o na le dikamano tse matla le Buccaneers.
Leha ho le jwalo, ha a bua le Soccer Africa, mokwetlisi o senotse hore ha a na tsebo ya semmuso mabapi le menyenyetsi eo.
Ha ke tsebe, ke sa tswa kgtla naheng ena,” Mokwena a rialo.
“Ho bua nnete, ha ke tsebe (ka Pirates).” Ha a botsws hore na a ka ya kwetlisa sehlopha ha a sa bitswe, Rulani Mokwena o ile a araba ka ho tiisa.
“E, ke ntho eo nka e nahanang. Ke sehlopha se seholo mme ba ntse ba e-na le batho ba haufi haholo le nna le ba haufi le pelo ga ka,” o boletse jwalo.
- BALA HAPE: Bafana Bafana e ka tlasa kgatello
Rulani Mokwena le ene o bolelletse modulasetulo wa Orlando Pirates, Irvin Khoza, a re ke mong wa batho ba bileng le seabo se seholo mosebetsi wa ha wa bokwetlisi.
- Translator: Karabelo Molapo
