
Kaizer Chiefs e lebelletswe ho Ntjhafatsa thahasello ya bona ho Terrence Mashego
Mashego o lebelletswe hore Kaizer Chiefs e ntjhafatse thahasello ya bona ho Ena. Sepapadi sena ke sebapadi sa Mamelodi Sundowns se neng se siilwe kantle ho sehlopha sa Mohope wa Lefatshe wa Sehlopha.
Terrence Mashego ke e mong wa dibapadi tse siilweng sehlopheng sa Sundowns se neng se etetse Mohope wa Lefatshe wa dikoloi naheng ya Amerika.
Mashego, ya ileng a ikopanya le Ma-Brazilians a tswa Cape Town City ka 2022, o bile le nako e mpe ho fihlela jwale.
O hlahile ka makgetlo a mahlano feela ho Betway Premiership kaha a se a saletse morao ho Aubrey Modiba, Divine Lunga le Asekho Tiwani sehlopheng se qalang.
Moshanyana ya dilemo di 28 ke sebapadi sa Bafana Bafana mme e ne e le karolo ya sehlopha se ileng sa hapa boronse Phadisanong ya Dinaha tsa Aforika ho la Ivory Coast selemong se fetileng.
Ho dumelwa hore o bulehile ho etsa motsamao bakeng sa sehlopha se tlwaelehileng.
Ho tlalehwa hore Kaizer Chiefs e ne e labalabela ho mo Saena ka Pherekhong.
Empa Sundowns e kgethile ho boloka sebapadi se hlahetseng Mamelodi.
Ha Kaizer Chiefs e se e etelletse pele ho matlafatsa boemo ba bona ba ka morao ho le letshehadi, mehlodi e haufi le sehlopha e senotse hore Mashego o hodimo lethathamong la bona la sepheo.
Ho ba siyo ha hae sehlopheng sa Mohope wa Lefatshe oa Sehlopha sa Miguel Cardoso e ka ba sesupo se hlakileng sa hore ha a teng mererong ya mokwetlisi.
Mashego o saletswe ke selemo konteraka ya hae mme ho fallela Makhosi e ka ba kgetho ho Ena hore o ya ho Amakhosi kapa tjhe.
Mosireletsi o tla labalabela ho ntjhafatsa mosebetsi wa hae e le hore a boele a fumane sebaka sa hae sehlopheng sa naha Mme a kgutlela dipapading.
- Translator: Karabelo Molapo
