
Cardoso o bua ka Themba Zwane
Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns, Miguel Cardoso, o thoholeditse motshabi wa mehleng Themba Zwane kamora tlholo ya bona ya 1-0 ho Ulsan HD.
Themba Zwane o qadile papading ya ho bula Mohope wa Lefatshe wa FIFA Club wa 2025 ka Laboraro hoseng.
Motho ya dilemo di 35 e ne e le motho ya neng a sa lebellwa empa o ile a kgahla ba bangata.
Hajwale Sundowns e se e le sehlohlolong sa Sehlopha sa F kamora hore Borussia Dortmund le Fluminense di tswalane 0-0 ka Labobedi bosiu.
Cardoso o re Themba Zwane o fumane sebaka sa hae sehlopheng sa ho qala ka ho se sebeletsa ka thata, a hana hore kgatello e ne e behilwe ho eena.
“Ha ho na kgatello kapa ho hopola dintho tse fetileng. Themba o sebeditse ka thata dibekeng tse pedi tse fetileng. O ne a tshwanelwa ke ho bapala,” ho boletse Cardoso.
Themba Zwane o ile a siwa sehlopheng sa XI se qalang ha Sundowns e lahlehelwa ke makgaolakgang a Caf Champions League ho Pyramids.
Balatedi ba bangata le ditsebi ba ile ba sala ba ikutlwa hore bohlale ba hae bo ne bo haella papading, mme Cardoso o ile a nyatsuwa haholo ka ho se e sebedise.
Empa ka Laboraro hoseng, o ile a qala empa Cardoso o tsitlallela hore qeto eo e ne e ipapisitse le boleng.
“Re tshepana sehlopheng. Kutlwano e phahame. Ke mo kgethile hobane o itokisitse, eseng ka lebaka la kgatello ua ka ntle, “ho hlalosa Cardoso.
Mokwetlisi o boetse a dumela hore papadi kgahlanong le Ulsan e ne e le matla ebile e le thata.
“Ho ne ho se bonolo.
“Seo se ile sa etsa hore metsotso ha ho qetela e be boima haholo. Empa re ile ra kgomarela moralo wa rona mme ra fumana tlhōlo,” a tswela pele.
Ena e bile tlholo ya pele ya Sundowns ya Mohope wa Lefatshe wa shlopha.
“Ke motsotso o ikgethang. Ke itse ke toro. Ena ke tsamaiso e thata, kahoo tlhōlo ena e bolela ho hongata.
Dibapadi di thabisitse malapa a tsona le setjhaba sohle.
- Translator: Karabelo Molapo
