
Ofori o senotse se mo thusitseng ho emisa ho beha Molato ho Pirates
Molebedi wa sehlopha sa AmaZulu FC, Richard Ofori, o senotse se mo thusitseng ho emisa ho beha molato ho Orlando Pirates ka jeresi.
Sebapadi se ile sa ikopanya le Orlando Pirates ho tswa Maritzburg United ho kwala sekgeo se siilweng ke lefu la Senzo Meyiwa.
Empa ka mora hore a lemale, o ile a thatafallwa ke ho kgutlela sehlopheng le ho tshepahala jwaloka pele.
Ka nako eo, Sipho Chaine, ya neng a se a fumane jesi, e ne e se e le Molebedi ya tsheptjwang.
Sena se bakwa ke hore ka tshohanyetso Ofori o ile a iphumana a le boemong boo e neng e le molebedi ya tsheptjwang ho Blacks, mme a qetella a lahlehetswe ke mohau wa hae.
Mme a re le ha ho se jwalo, o ne a etsa hantle sehlopheng, mme ha a na sekgopi ka se etsahetseng, haholo jwang sehleng sa hae sa ho qetela.
“E, seo (ho se bapale) se etsahala ka bolo ya maoto. Mme ho tlwaelehile, “ho boletse Ofori, ya tsowang Ghana.
“Ho phaella tabeng ya ho ba matla kelellong, nka re o lokela ho sheba tikoloho ya hao hobane e na le tshusumetso e kgōlō.
“Ha o sa bapale, kapa o lemetse, ho bonolo ho dula o nahana ka dintho tse fosahetseng.
“O ka iphumana o dumela hore ho na le motho ya o sebedisang bakeng sa ntho e itseng (meriana), kapa dintho tse jwalo.
“Ke moo bothata bo qalang teng. O tlameha ho sireletsa kelello ya Hao, haeba o kgona ho sireletsa kelello ya hao, o itshireletse dinthong tse ngata.”
Ofori o re ha sebapadi se tobane le diqholotso tsena, ho bonolo hore a qetelle a bona dintho tse sio.
“Hangata, ha rona dibapadi re thulana le mathata ao, re lahlehelwa ke boitshepo.
Ho e-na le ho shebana le kamoo re ka ntlafatsang kateng, re tsepamisa maikutlo dinthong tse sa re thuseng.
A re se mo thusitseng ho Orlando Pirates ke ho hopola hore bolo ke papadi ya sehlopha, eseng papadi ya motho ka mong.
“Sebapadi se seng le se seng se batla ho bapala, empa ho mabapi le sehlopha, eseng sebapadi ka bomong.
“Haeba batla ho bapala papali o le mong, mohlomong o lokela ho ya bapala tenese. Bolo ke papadi ya sehlopha,” a eketsa.
“Kahoo, ho nna, taba ya mantlha ha se hore na wa bapala kapa tjhe, seo 9 tlamehang ho se etsa ke ho tshehetsa bao o sebetsang le bona.
- Translator: Karabelo Molapo
