Bolo ea maoto

Refiloe Jane o kgutlela ho Banyana Banyana

Refiloe Jane ho hlahella a kgutlela ha Banyana Banyana ho thabisa Mokwetlisi wa TS Galaxy.

Queens Mokatisi e moholo wa TS Galaxy Queens, Sizwe Sibiya, o thabetse ho bona mokapotene wa Banyana Banyana, Refiloe Jane, a kgutlela sehlopheng sa naha.

Jane o ikopantse hape le Banyana pele ho tlhodisano ya dinaha tse Tharo kgahlanong le Botswana le Zambia.

Dipapadi tsena ke karolo ya ditokisetso tsa Afrika Borwa ho sireletsa setlo sa bona sa Mohope wa Matjhaba wa Afrika wa Basadi (WAFCON).

Sibiya o buile le SABC Sport ka bohlokwa ba ho kgutla ha Jane le leeto la hae la maikutlo.

“Ho yena jwaloka motho ka mong, ke motsotso o moholo,” ha rialo Sibiya.

“E bile karolo ya bohlokwa ya ho hlophiswa ha Banyana mme ke motho wa bohlokwa jwalo ka mokaptene wa sehlopha sa naha.”

Ka pontsho e kgethehileng, Sibiya o ile a fa Jane lebanta la mokaptene papading ya TS Galaxy ya Hollywoodbets Super League kgahlano le Ezemvelo, e le ho fetisetswa mesebetsing wa hae ya Banyana.

“Ke ile ka mo bolella hore re se re ntse re e-na le batsamaisi ba sehlopha, empa bakeng sa papadi ena, ke ne ke batla hore a ikutlwe a ikarabella pele a kgutlela mosebetsing ws naha,” a hlalosa.

Jane o sa tswa fola ho tswa dikotsi tse neng di mo sokela mme a ikopanya le TS Galaxy ho matlafatsa tshepo ya hae le ho phela hantle.

Sibiya o dumela hore sehlopha se mo file tikoloho e nepahetseng ho etsa jwalo.

“Sepheo sa pele e ne e le ho mo thusa hore a rate papadi hape. Re ile ra etsa bonnete ba hore o sebakeng se thabileng le se sireletsehileng,” ho boletse mokwretlisi.

“Ha o thabile, o fola kapele mme o bapala hantle.”

Sibiya o ile a nahana ka mathata a hae a ho lemala a amanang le leeto la Jane. “Le nna ke kile ka ba sebakeng seo. Ha o pota-potilwe ke lelapa le ho ba le botsitso, ho o thusa ho hatela pele, ”o boletse jwalo.

Ho kgutla ha Jane ho Banyana ha se feela kgothatso bakeng sa sehlopha sa naha.

Empa hape ke motsotso oa motlotlo ho TS Galaxy, ya ileng a phetha karolo ea bohlokoa tseleng ea hae ea ho hlaphoheloa.

“O itokisitse, o na le tjantjello, mme o jere tshepo ya sehlopha sa hae sehlopheng sa naha,” ho boletse Sibiya.

  • Translator: Karabelo Molapo