Bolo ea maoto

Orlando Pirates e senotse merero ya bona

Orlando Pirates e senotse dintlha tse seng kae mabapi le merero ya bona ya sehla se tlang bekeng ena, Mme jwale mahlo ohle a tadimile Kaizer Chiefs ho etsa jwalo.

Diphatlalatso tsa morao-rao tsa Bucs di thabisitse balatedi ba tsona, ha di ntse di beha ba qothisanang lehlokwa le Amakhosi tlasa kgatello.

Pirates e kgethile le ho phatlalatsa Abdeslam Ouaddou e le mokwetlisi e motjha wa bona.

Ba boetse ba saenetse le ho phatlalatsa Usipho Mbule, ya lokollotsweng ke Mamelodi Sundowns, e le sebapadi sa bona.

Ho feta moo, sehlopha se hlahisitse lenaneo la sona la TV le tla hlalosa maemo a amang Monnapule Saleng.

Pirates e boetse e lokolotse ditshwantsho tse bontshang disebediswa tsa bona tsa lapeng le tsa hole bakeng sa sehla se tlang.

Ho qala ka la 24 Phupu, ho tla le molaetsa o reng: “E masapong a rona.”

Dintlafatso tsena di tsositse thabo ho balatedi  ba Orlando Pirates, ha Kaizer Chiefs e qala ho hloka.

Chiefs ha e so phatlalatsa hore e tekenetse. Leha ho le jwalo, ba netefaliditse dibapadi tse hlano tse lokolotsweng.

Bongata ba balatedi ba bona ba se ba qadile ho belaela merero ya sehlopha le hore na ke hobaneng e bolokww lekunutu.

Motho e mong o ngotse motjheng wa ditaba wa setjhaba: “MaPirates a etswa jwalo ka sehlopha se seholo. Re ntse re emetse ho hong ho etsahala.”

Ho dumelwa hore Marena a saenetse Ethan Chislett mme a ntse a buisana le ba bang ba kenyeletsang Rowan Human.

Empa ha ho so be le lentswe la semmuso ho tswa ho sehlopha.

Ho kgutsa ha bona ho siile balatedi ba bona ba tsielehile haholo.

  • Translator: Karabelo Molapo