
Orlando Pirates e hlotse Kaizer Chiefs
Kaizer Chiefs e hlotswe hape kgahlano le Orlando Pirates mme mokwetlisi Nasreddine Nabi o supile dibapadi tsa hae monwana.
Orlando Pirates e tswile morao ho hlola 2-1 papading ya Betway Premiership e neng e tšhwaretswe FNB Stadium ka Moqebelo thapama.
Glody Lilepo o ile a beha Amakhosi pele motsotsong wa bobedi papading, mme matla a kgutlela ho bona.
Ba ile ba fumana menyetla e meng, le hoja ho se le e nngwe ya yona eo ba neng ba e lebeletse, empa ba ile ba hlōleha ho e sebedisa hamolemo.
Evidence Makgopa o ile a kgutlisetsa Pirates papading ka motsotso ya mashome a mabedi a metso e mene, ha Relebohile Mofokeng a qeta mosebetsi ka la 69.
Ha a bua ka mora papadi, Nasreddine Nabi o ile a lla ka diphoso tse tšhwanang, a hana hore bothata ke boikutlo ba diibapadi tsa hae.
Nabi o hlalositse hore ba ile ba fumana sepheo sa pele, mme one a nahana hore ba na le monyetla wa ho tswela pele ho theha menyetla e mengata ea ho fumana dipheo tse ngata.
Empa ha ba ka ba etsa jwalo. Eaba ba amohela sepheo ka tsela e sa hlakang haholo.
Nabi o hlalositse hore ha ba a ka ba qeta papadi eo ha e le molemong oa bona.a
Nabi o hlalositse hore kamora moo, papadi e ile ya tsamaya, mme ba kgona ho sebedisa menyetla ya bona.
Yaba Nabi o botswa hore na sehlopha sa hae se etelletse pele mafelo-bekeng a fetileng, empa a tshwarwa.
Nabi o butsitswe potso hore na ebe see se bakwa ke maikutlo a dibapadi, mme na se ka lokiswa.?
Nabi Yena o ile a araba ka hore ha a nahane hore ke taba ya maikutlo.
- BALA HAPE:Nabi ore Chiefs ke Sehlopha se seholo
Mme Papading eo (kgahlanong le Gallants) ba ile ba hanelwa kotlo e hlakileng.
- Translator: Karabelo Molapo
- Etswa ho: http://Sabc Sports.co.za
