Bolo ea maoto

Hugo Broos o thabetse talente e ntseng e hola ho Bafana

Mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos o tobane le mosebetsi o boima wa ho reha sehlopha sa hae bakeng sa papadi tse  e tlang tsa FIFA.

Mokwetlisi ya hlahetseng Belgian o kgahlilwe ke botebo ba sehlopha sa hae seo a se boneng dipapading tsa morao tjena.

Hugo Broos ha a ka a kgetha dibapadi tsa Mamelodi Sundowns sehleng sena ha ba ntse ba itokisetsa Mohope wa Lefatshe wa FIFA Club United States.

Ho e-na le hoo, o ile a hlahisa difahleho tse ngata tse ntjha ho sehlopha sa naha mme a kgahlwa ke tshebetso ya bona.

Bafana Bafana e ile ya etsa sekgahla sa 0-0 le Tanzania Lebaleng la Peter Mokaba, Polokwane Labohlano le fetileng.

Ba ile ba latela seo ka tlhōlo ea 2-0 ho Mozambique lebaleng lona leo ka Labobedi.

Hugo Broos o lekile dibapadi tse fapaneng dipapading ka bobedi kaha a batla ho atolosa sehlopha sa Bafana.

Botebo ba sehlopha lekgetlong lena boa tsoteha. E kenyelletsa dibapadi tse ileng tsa bapala dipapading kgahlanong le Tanzania le Mozambique.

Ho boetse ho na le dibapadi tse neng di bapala Cosafa Cup tlasa Vela Khumalo, le dibapadi tsa Mamelodi Sundowns tse neng di le sio.

Sehlopha sa naha sa Afrika Borwa sa ba ka tlase ho dilemo tse 20, se sa tswang ho hapa Mohope wa Dinaha tsa Afrika tsa CAF ba ka tlase ho dilemo tse 20, le sona se na le dibapadi tse ding tseo di lokelang ho lebelwa ho bona.

Ho boetse ho na le dibapaxdi tse ding tse kileng tsa bapala naheng ena le Europe tse neng di le sio sehlopheng ka mabaka a fapaneng.

Hugo Broos o amohetse phephetso ya ho kgetha sehlopha sa hae ha ho bapalwa dikgau tsa Mohope wa Lefatshe ka Lwetse.

“Hona jwale re na le dibapadi tse 40 tseo re ka kgethang ho tsona,” o boletse jwalo kamora papadi ya Mozambique.

O dumela hore tlhodisano ya dibaka ho Bafana e tla sutumelletsa dibapadi hore di be matla le ho feta.

“Baa tseba hore ho na le ba bang ba emetseng ho nka dibaka tsa bona. Sena se tla phahamisa boemo.”

Ka palo ya dibapadi tse bontshang tlala le boikemisetso ba ho bapalla Bafana e ntse e eketseha, bokamoso ba sehlopha bo bonahala bo kganya.

  • TRANSLATOR: Karabelo Molapo