
Mamelodi Sundowns e tla bapala ho Mohope wa Lefatshe
Mamelodi Sundowns, e tla bapala Mohope wa Lefatshe wa FIFA Club, e hasitse bolo ya maoto ya Afrika Borwa ka dihla tse robedi tse latellanang.
Mamelodi Sundowns e tla emela Afrrika ho Mohope wa Lefatshe wa Dihlopha wa FIFA wa 2025 ho la United States.
Tlhōdisano ena e tla qala ka la 15 Phuptjane mme e fele ka la 13 Phupu.
Sundowns e tla thakgola letsholo la yona kgahlanong le Ulsan HD FC ya Korea Borwa ka la 18 Phuptjane – Papadi e tla qala ka 12 hoseng ka nako ya lehae.
Ba tla tobana le Fluminense ya Brazil ka la 21 Phuptjane le Borussia Dortmund ya Jeremane ka la 25 Phuptjane sehlopheng sa dihlopha.
Dihlopha tse hodimo di tla be di bapala tlhodisanong ena e tla kwala sekgeo se siilweng ke nako ya bolo ya maoto.
Tlhōdisano e hohetse dihlopha tse kgolo ka ho fetisisa lefatsheng.
Dipapali tse lebelletsweng haholo di kenyelletsa:
- RB Salzburg vs. Real Madrid,
- Juventus vs. Manchester City,
- Bayern Munich vs. Boca Juniors,
- Flamengo vs. Chelsea,
- Inter Miami vs. FC Porto,
- Dintlha tsa bohlokoa
Mohope wa Lefatshe wa dikolo o tla bapalwa metseng e 12 ho pholletsa le US.
Makgaola-kgang a tla tshwarelwa MetLife Stadium, New Jersey.
Jwalo ka Mohope wa Lefatshe bakeng sa dihlopha tsa naha, tlhodisano e qala ka maemo a dihlopha mme e hatela pele ho ya mokgahlelong wa ho kokota.
- Translator: Karabelo Molapo
