
Papadi e tjhetjhisitsweng e tla bapala hape
Marangrang a hlahisa hore SABC Sport e thehile hore papadi ya Betway Premiership e tjhethisetswang morao pakeng tsa SuperSport United le Golden Arrows e tla tswela pele ho tloha halofo ya bobedi ka letsatsi le ntseng le rerilwe.
Ho utlwisiswa hore qeto e ile ya qetella e fanwe bekeng ena papading e ileng ya lahlwa nakong ya halofo ka la 23 Hlakola ha dintlha di ne du le 1-1 ka lebaka la Lebala la Lucas Moripe le ileng la otlwa ke load shedding.
Jwale mokwetlisi Gavin Hunt o ne a reretswe ho keteka papadi ya bohlokwahadi ya dipapadi tsa 1000 ka hara dugout, empa mokete o ile wa senyeha ka ho hloleha ho hlophisa jenereithara ho thibela ho kgaoha ha motlakase ho neng ho rerilwe.
Hona jwale, hoo e ka bang dikgwedi tse tharo hamorao sephatlalatsi sa setjhaba se tsebisitswe hore SuperSport, lehlakore la lehae le ikarabellang bakeng sa ho bona hore ho na le mabone a lekaneng letsatsing leo, hore kgau e ee molemong wa bona.
Papali e ne e ile ya emiswa ka nakwana ha mabone a dikgohola a hlōleha ka lebaka la load shedding, empa molao la-papadi o ile a dumella papadi hore e tswele pele ka mabone a tlhaho e le hore ho fihle kgefu ya halofo ya nako.
Kamora ho buisana le dihlopha ka bobedi, ho ile ha netefatswa hamorao hore kgohlano ya liki e tla emiswa mme PSL ya tloha ho nka qeto ya ho ya pele.
- BALA HAPE: Bo siko ba Saleng
SuperSport e ne e etelletse pele ka mohlasedi Chrisitan Saile motsotsong wa bone, empa sebapadi sa bohareng Velemseni Ndwandwe a e hlakola pele ho kgefu.
- Translator: Karabelo Molapo
- Etswa ho: http://www.Sabc Sports.co.za
