
Hugo Broos o entse ntho e makatsang
Hugo Broos o ile a mmakatsa Marena a Bafana.
Mokwetlisi wa Bafana Bafana, Hugo Broos, o siile dibapadi tsohle tsa Kaizer Chiefs tseo a di kgethileng sehlopheng sa hae sa pele.
Hugo Broos o phatlaladitse sehlopha sa banna ba 23 se tla bapala dipapadi tsa botswalle tsa matjhaba kgahlanong le Tanzania le Mozambique ka Phuptjane.
Mokwetlisi o ne a kenyeleditse Yusuf Maart, Mduduzi Shabalala le Bruce Bvuma sehlopheng sa hae sa pele bekeng e fetileng.
Empa dibapadi tse tharo kaofela di ile tsa siuwa kantle ho sehlopha sa ho qetela se phatlaladitsweng ka Labone thapama.
Sehlopha sena se tletse dipapadi tsa Orlando Pirates kaha ho kgethilwe ba robong.
Sena se ka bakwa ke ho se be teng ha dibapadi tsa Mamelodi Sundowns.
Dibapadi tsa Sundowns di ne di tlohetswe kampeng ka lebaka kgatello e neng e le teng ka hara sehlopha.
Hara dibapadi tsa Pirates tse bitsitseeng ke dinaledi tse nyane Mbekezeli Mbokazi, Simphiwe Selepe le Mohau Nkotha.
Sebapadi sa mahareng Thalente Mbatha le sipho Chaine le bona ba kgutletse sehlopheng sa naha.
Samukelo Kabini, ya ileng a fallela lehlakoreng la Norway la FK Molde pejana selemong sena, o bitseditswe lekgetlo la pele.
Khulumani Ndamani wa TS Galaxy le ena o kgutlile kamora ho rarolla taba ya di- passport e mo siileng kampong ea Hlakubele.
Hara ba pele ba ho kena ho Bafana ke mothiki wa sepheo wa Sekhukhune United Renaldo Leaner.
Molebedi wa sepheo o kgahlilwe ke mokwetlisi Eric Tinkler maemong a ho qetela a sehla sa 2024/25 sa Betway Premiership.
Sehlopha sa Hugo Broos se tla kopana Johannesburg ka Sontaha, pele se leba Polokwane.
- BALA HAPE: SuperSport United e ne e keteka
Bafana e tla tobana le Tanzania Lebaleng la Peter Mokaba ka la 6 Phuptjane, pele e tobana le Mozambique Loftus Stadium ka la 10 Phuptjane.
- Translator: Karabelo Molapo
