Bolo ea maoto

Orlando Pirates e se ena le ba e etellang pele

Orlando Pirates ese e na le ba etellang P pele moo ba yang teng.

Bahanyetsi ba hlahile kgahlano le Orlando Pirates bakeng sa e mong wa dibapadi, papadi tsa bona tse tshepahalang tse ba sebeleditseng ka botshepehi dilemong tse mmalwa tse fetileng.

Orlando Pirates e ntse e hulanya maoto tabeng ya ho ntjhafatsa konteraka ya sebapadi sena, kaha ho bonahala dihlopha tse ding di na le thahasello ho ena.

Deon Hotto – ya bapalang ka morao, bohareng le lebaleng la pele – ha a na konteraka le sehlopha ka Phuptjane.

Hona jwale, ho hlahile ditlaleho tsa hore dihlopha tsa Afrika Borwa le Saudi Arabia di thahasella sebapadi sena.

Hotto, ya tswang Namibia, o ile a ikopanya le Orlando Pirates bakeng sa sehla sa 2020/21 kamora ho sebetsa hantle ho Bidvest Wits.

Pele a kenela Orlando Pirates, moshanyana ya dilemo di 34 le yena o ne a batlwa ke Mamelodi Sundowns.

Empa o ile a e qhelela thōko kaha a ile a senola hore pelo ha hae e ho Pirates mme seo se bonahetse ka tsela eo a bapalang ka yona.

Ho latela KickOff, sehlopha se tla kopana le Hotto le molaodi wa hae kamora papadi ea ho qetela ka Laboraro.

“Pale ea Deon Hotto e batla e makatsa. Kaha ho setse dibeke tse mmalwa feela konteraka ya hae, ha a eso tekene letho.”

“O lebelletswe ho kopana le ba boholong bekeng ena,” mohloli o qotsitswe jwalo.

“Ho na le tshepo ya hore tumellano e tla fihlelwa haufinyane, mme o tla dula ho Pirates hape sehleng se tlang.”

“Sehlopha se ikemiseditse ho ntjhafatsa konteraka ya hae leha dipuisano di se di qadile ka morao ho nako.

  • Translator: Karabelo Molapo