
Diphuphutso di phethetswe mabapi le Sehlopha sa Moroka Swallows
Lekgotla la Phethahatso ya dikgohlano la Premier Soccer League Disputes Resolution Chamber[DRC] le qetelletse le phethetse diphuputso tsa lona mabapi le tlōlo ya molao ya konteraka e amang Moroka Swallows.
The Dube Birds tse seng di rekisitse boemo ba tsona ba sefofane ho Marumo Gallants, di ile tsa hulelwa ho DRC ke Dumisani Zuma ka ramolao wa hae a pheha kgang hore ha a lefella tefo ya hae ya ho saena hammoho le moputso wa tshitse 2023.
Zuma e ne e le e mong wa dibapadi tse 22 tse ileng tsa lelekwa ka lebaka la boitshwaro bo bobe.
Ba lelekilwe ke Swallows qalong ya selemo se fetileng ka lebaka la ho etswa mohwanto pele ho papadi ya bona ya mehleng ya DStv Premiership kgshlanong le Mamelodi Sundowns.
Taba ena e ile ya qobella sehlopha ho hlakola papadi e nngwe hape matsatsi a seng makae hamorao kgahlanong le Golden Arrows, hamorao ya lahlehelwa ke dintlha tse tšheletseng le ho lefiswa R600 000 e fanyehilwe dikgwedi tse 24.
Zuma o boletse ditshenyehelo bakeng sa ho tlola konteraka.
Mme ho boetse ha bonahala bopaki ba hore Zuma o ile a lefuwa karolo e nngwe bakeng sa matsatsi ao a sebeditseng ka tshitwe pele ho pherekano mabapi le dipapadi le dinyewe tse ileng tsa latela tsa kgalemelo tse ileng tsa lebisa ho lelekwa ha dibapadi tse 22.
- Mongodi: Karabelo Molapo
- Etswa ho: https://www.soccerladuma.co.za/local
