
Sethibathibane sa Kaizer Chiefs se araba se builweng ke Itumeleng Khune
Sethibathibane sa Kaizer Chiefs, Bruce Bvuma, o buile ka kgalemelo e sa tswa etswa ke Itumeleng Khune.
Bruce Bvuma leyena o ile a fana ka maikutlo a hae tabeng ena.
Khune o bontšhitse maswabi a hae haele Mona Bvuma a sa mamela dikeletso tsa hae, ho fapana le mokaptene wa Bafana Bafana, Ronwen Williams.
Leha ho le jwalo, Khune o ikutlwa hore Bvuma, morutwa wa hae wa pele ya nkileng sebaka sa pele sa Chiefs ka mora hore konteraka ya Khune e fele selemong se fetileng, o ile a lahlehelwa ke monyetla wa ho ithuta ho ena.
Itumeleng khune o hatelletse hore maikutlo a hae a hajwale e ntse e le ho thusa dinatla tsa Soweto hore di boele dibe boemong ba tsona ba pele e le ‘Cup Kings’ ya bolo ya maoto ya Afrika Borwa.
Mme Bruce Bvuma o arabile ka hore Seo a Itumeleng Khune a se etseditseng sehlopha, Ha a nahane hore o teng motho ya satla se etsa.
Mme a tswela pele Bruce a bolela hore Seo a se etseditseng naha se seholo haholo.
Mme o a mo hlompha hape oa mo mamela, o bua le ena eng kapa eng e etsahetseng, jwalo ka ha e etsahetse le eng kapa eng eo a e buileng.
O boetse a bolela hor sepheo sa hae ka sehlopha seo ke tsepamisang maikutlo hore atle a sebetse hantle bakeng la sehlopha.
Bruce o qetetse ka ho Hlalosa hore na le lintho tseo a ka Bengal ile a di etsa betere, empa hona jwale sohle seo a ka se etsang ke ho tsepamisa maikutlo ho dipapadi tse latelang.
- Mongodi: Karabelo Molapo
- Etswa ho: http://Sabc Sports.co.za
