
Patrice Motsepe o batla di tlhodisano le khonthinente tse ding
Mookameli wa CAF Patrice Motsepe o batla hore bolo ya maoto ya Afrika e phephetse Europe.
Mopresidente wa CAF Patrice Motsepe o kopile dibapadi tsa bolo ya maoto ba Afrika ho dula ba ikemiseditse molemong wa ho beha papadi ya kontinenteng hara tse ntlehadi lefatšeng.
Patrice Motsepe o hlalositse hore ba tadima bolo ya maoto e le sesebediswa sa bohlokwa bakeng sa menyetla, tlhahiso ya mesebetsi, ho ntlafatsa maemo a bophelo ba batho ba rona Afrika Borwa le kontinenteng,
Patrice Motsepe o tswetse pele a Hlalosa hore karolo ya seo ke bolo ya maoto ya Afrika, ebang ke bolo ya banna kapa ya basadi, e tlameha ho ba ya bohlokwa ka ho fetisisa lefatsheng mme e hloka matsete ha mmoho le ho fumana bakwetlisi ba hlwahlwa le ho lefa dibapadi tse hlwahlwa.
Patrice Motsepe o boletse hape hore ho nnetefatsa hore bashebelli le balatedi ba bolo ya maoto ba thabela ho shebella bolo ya maoto Afrika Borwa mabaleng a dipapadi le kontinenteng yohle.
O hlalositse hore enngwe le engwe ya ditjhaba kapa dinaha tse 54 kontinenteng ena.
Mme o tswetse pele a bua hore boleng ba bolo ys maoto bo tlameha ho kgahleha hobane batho ba rona ba bangata ba shebella bolo ya maoto Europe mme ba shebella bolo ya maoto ya Brazil.
O lahlositse hore ba se etsa e le hore ba batle ho ba etsa hore ba shebelle bolo ya bona, mme ho hlokahala hore ho nnetefatswe hore e ntlafale ka dinako tsohle, ya thabisa, ya tlhodisano, e ntle jwalo ka bolo ya maoto ya Europe mme e ntle jwalo ka tse ntlehadi lefatsheng.
- BALA HAPE:Sehlopha sa Sekhukhune
O qetetse ka ho bolela hore ho ho Yena jwalo ka mopresidente, mme ke nako hore a tlohela kahlolo ya hore na re entse hantle hakae kapa moo ho ka bang le diphoso ho ena le ho bahlalosi ba bang ba fapaneng hobane ke kgalemelo e re thusang ho tsepamisa maikutlo dibakeng tseo re ka nahanang hore re ntse re sebetsa hantle kapa mohlomong le ho feta.
- Mongodi: Molapo Karabelo
- E tswa ho: http://SabcSport.co.za
