
Mamelodi Sundowns dipapading tsa bona tsa FIFA club
Mamelodi Sundowns e dutse sehlohlolong sa Sehlopha sa F Sejaneng sa Lefatshe sa FIFA Club. Empa teko ya bona e kgolo ka ho fetisisa e sa tla.
Ka Moqebelo, ma-Brazilians a tobana le Borussia Dortmund. Ena ke papadi e thata ka ho fetisisa sehlopheng sena se tlamahantseng dihlopha tse pedi tse matla ka ho fetisisa
Sebapadi sa mehleng sa Mamelodi Sundowns Matthew Booth o dumela hore ho tlosa moriri o moputswa feela ho ka thusa sehlopha papading ena.
“Ho ikamahanya le maemo a fapaneng e tla ba ntho ya bohlokwa,” o bolelletse Showmax.
“Papadi e nngwe le e nngwe e e hloka mohopolo o fapaneng le mokgwao fapaneng.”
Mamelodi Sundowns e hlotse Ulsan HD 1-0 papading ya bona ya ho bula. Hona jwale, ba tobana le Dortmund le Fluminense dipapading tsa bona tse latelang.
Matthew Booth o re tlhahlobo ya pele ho papadi e tla ba ya bohlokwa ho Mamelodi Sundowns.
“Boholo ba dibapadii tseo ba tla tobana le tsona di tla be di qala. Kahoo basireletsi ba hloka ho itokisetsa kelellong le mmeleng,” o boetse a totobatsa bohlokwa le ho potoloha ha batshwari ba Sundowns.
“O ka lebella hore Kgudiso Mudau le Thapelo Morena ba tla tjhentjhana hape (ka ho le letona morao).
Empa basireletsi le dibapadi tsa bohareng ba lebala la dipapadi ha baa lokela ho fetoha.
Booth o dumela hore puisano le tshebedisanommoho di bohlokwa dipapading tse nang le kgatello e phahameng jwalo ka sena.
“Tumellano le tshehetso di bohlokwa kahoo ba hloka ho buisana kgafetsa.
“Ho o thusa ho kgona ho nka kgato ka potlako nakong ya papadi”
O rorisitse sebopeho se tiileng sa Mamelodi Sundowns le boiphihlelo boo ba bo bontšitseng papading ya pele.
“Ba bapetse hoo e batlang e le maemong ohle. Kutlwisiso le tshebedisano-mmoho di bohlokwa bakeng sa sehlopha,” ho tswela pele pale ya Bafana Bafana.
- Translator: Karabelo Molapo
