Bolo ea maoto

Lebo Mothiba ya bapallang Bafana Bafana o ya ho Mamelodi Sundowns

Sehlopha sa Mamelodi Sundowns se phatlaladitse hore se amohetse Lebo Mothiba wa Bafana Bafana.

Mohlankana enwa ya kileng a bonahala France o ikemiseditse ho tla eketsa matla a sehlopha sena.

Sehlopha sena se manehile ho marangrang hore se amohela Lebo lehaeng la bo mampodi. Ba bolela hore o kile a emela Afrika Borwa mafatsheng a mang mme jwale o tlo phahamisa Sundowns.

Mothiba le yena o thabetse ho ba karolo ya sehlopha sena mme  o re “ sena ke sehlopha sa ka, ke lehae la ka, ke thabile haholo ho ba mona.”

O ne a kile a kena sehlopheng sena ka Pherekgonag a ikwetlisa le bona mme  ke moo a ileng a kgahla bakwetlisi. Kajeno o se a saenne tumellwano le sehlopha sena sehleng sena.

Dipapading tse fetileng o na le dintlha tse mashome a mabedi(20), ho dipapadi tse 96 mme ho lemala ha hae lengwele ho entse hore a batle latela motjha o mong.

BALA Hape: Sehlopha sa Cape Town City se ikemiseditse ho ngodisa Thulani Serero.

Source: www.entertainmentsa.co.za

Translator: Masole Mabaleka