
Dihlopha tse Pedi di Bontshitse thahasello ho Thatayaone Kgamanyane
Kgamanyane Thatayaone, sebapadi se hlwahlwa, se tlalehwa hore dihlopha tse pedi tsa Betway Premiership di bontshitse thahasello ho sebapadi sena, Thatayaone Kgamanyane, ya ntseng a hokahanngwa le Chippa United.
Ke kamora sebatli sa Botswana ho latela ho tsamaya ha Gabadinho Mhango, ya neng a tsheptjwa ka dipheo sehleng sena.
Le ha ho ntse jwalo, dipuisano le Gaborone di bonahala di eme ka ha dihlopha tse pedi tse di ise di dumalane ka madi a ho fuduha.
Kgamanyane o sa tswa qeta sehla se atlehileng seo ho sona a hlotseng dintlha tse 15.
Ke ena ya hlwahlwa ka ho fetisisa liking e kgolo ya Botswana.
Sebopeho sa hae se entse hore e be sepheo sa dihlopha tse ngata.
Gallants hase bona feela ba nang le thahasello ho eena.
Sekhukhune United le bona ba tlalehww ba beile boemo ba hae leihlo mme ba ka iketsetsa boitlamo haufinyane.
Kgamanyane ha se motho osele ho PSL. O bile le nako e kgutshwane le Chippa United ka 2018.
Kgamanyane o ile a dula dikgwedi tse tharo pele a boela motseng wa habo ho ya ho ikopanya le Gaborone United.
- Translator: Karabelo Molapo
