
Ditaba Tsa ho rekwa ha Relebohile Mofokeng
Relebohile Mofokeng ya tsebahalang ele sebapadi se hlwahlwa sa Orlando Pirates ho utlwahala ho ne ho tletse ditaba tse itseng tsa mashano ka ena.
Orlando Pirates e ikarotse ka potlako le menyenyetsi e ntseng e tswela pele ka sebapadi sa bona sa dinaledi Relebohile Mofokeng.
Ditlaleho tsa morao tjena di bontshitse hore Rele Mofokeng o batlwa ke dihlopha tse Pedi tsa Israel, Maccabi Haifa le Maccabi Tel Aviv.
Lehakwe la ditaba tsa dipapadi tsa Israel Sport5 le tlaleha hore Maccabi Haifa e bontshitse thahasello ho sebapadi sa Bafana Bafana se dilemo di 20.
Tlaleho e boetse e re Pirates e behile theko ya R31.2 milione bakeng sa sehlopha sefe kapa sefe se batlang sebapadi.
Maccabi Tel Aviv le yona ho bolelsa hore e shebile sebapadi se nang le talenta e makatsang mme ho lebelletswe hore o tla ya hole le bolo ya hae.
Leha ho le jwalo, Soccer Laduma e tlaleha hore batho ba ka hare ho Pirates ba lahlile ditlaleho tseo ba re ha di na motheo ebile dia tshwenya.
“ditlaleho tsena di qadile ho tshwenya. Sehlopha ha se tsebe leha e le efe ya ditlaleho tsena,” mohlodi o ile wa qotswa.
“Ha ke tsebe ka dipuisano mabapi le thekiso ya hae.”
Ho bolelwa hore dinatla tsa Soweto di ferekanngwa ke lerata le ntseng le tswela pele ho batla dibapadi tsa tsona.
Ba dumela hore e reretswe ho kgelosa e mong wa dibapadi tsa bona tse tshepisang.
Ho tlalehwa hore diofisiri tsa Pirates di ile tsa tsitlallela hore ha ho na puisano kapa dipuisano tse bileng teng mabapi le bokamoso ba Rele Mofokeng.
- Translator: Karabelo Molapo
