Bolo ea maoto

Kaizer Chiefs e saletswe ke mehato e seng mekae ho fumana ‘Palesa’ ya bona.

Kaizer Chiefs e mothating wa ho saena semolao sepheo sa nako e telele Asanele Velebhayi ka phalliso ya mahala.

Sena se tla kamora hore sehlopha sa hae, Cape Town Spurs, se hane ho rekisa sebapadi ho Kaizer Chiefs pele sehla se qala.

Spurs e hanne ho rekisa ngwana wa dilemo di 22 ho Kaizer Chiefs, ba re tefiso ya bona e ka bang R4 milione e tlase haholo.

Empa ha jwale Urban Warriors e se e theohile hape e tla be e bapala liki ya SAFA, konteraka ya Velebhayi le yona e tla be e fedile.

Sena se bolela hore Amakhosi e tla saena sebapadi mahala, ntle le ho sebedisa sente.

Mohlodi o haufi le sehlopha o boletse hore ho setse metsotso e seng mekae feela ho fihlela tumellano e phethelwa, a hakanya hore e fedile ka 80% mme e ka phatlalatswa ka nako efe kapa efe.

Ho falla ha Velebhayi ho Kaizer Chiefs ho fedile ka 80%… Chiefs  e emetse hore Spurs e amohelwe ka molao ke SAFA ho ABC Motsepe League.

“Kamora moo, sebapadi se tla lokoloha, seo mohlomong se tla etsahala ka Moqebelo oa la 15 Phuptjane,” ho boletse mohlodi.

“Ke nakong eo Chiefs e tla etsa tsebiso. O ne a le Naturaenna bekeng e fetileng ho phethela dintho tse mmalwa tse neng di ntse di le sieo le ho bona sebaka.”

Velebhayi ke sebapadi sa mahareng se hlwahlwa mme ho lebelletswe hore o tla eketsa matla tlhaselong ya Chiefs.

Spurs esale e isa nyewe ya bona kgahlano le Durban City Lekgotleng le Phahameng la Johannesburg, ka tshepo ya hore ho tla ba le sephetho se fapaneng.

Ba qosa City ka ho sebelisa sebapadi se ngodisitsweng ka phoso ho Tsebiso ya Magawana.

Haeba qeto ya lekgotla e molemong wa bona, Durban City e tla nkelwa dintlha tse tsheletseng ebe e ekeletswa dipalong tsa Spurs.

  • Translator: Karabelo Molapo