Bolo ea maoto

Benny McCarthy o bua ka fifa ya selemo sa 2026.

Mohale wa sehlopha sa bafana Bafana o bua ka ho latswa tlholo jwalo ka mokwetlisi wa Harambee Stars.

Mme o tswela pele o bua ka menyetla ya bona yah o fihla ditlhodisanong ya lefatshe ka bophara.

Khenya e ile ya hlolwa ke sehlopha sa Gabon ditlhodisanong tsa FIFA 2026 moo teng dihlopha di neng di hlodisanang hore di tle di tsebe ho bapalla FIFA.

Leha e le mona Kenya e ile ya hlolwa empa Benni McCarthy o ntse a ena le tshepo yah ore papading tse la latela batla hlola.

McCarthy o ile a bolella baphatlallatsi hore papadi ya bona le Gabon ene ele boima haholo.

“Hone ho le bohlokwa haholo hore re dule tshepong mme re dumele hore re tla hlola . Leha sepheto e ene e se se lebelletsweng,”Ho bolela McCarthy.

“Menyetla yah ore re iphumane re le ba bang ba bapallang FIFA selemong sa 2026 e ntse e ba thata haholo”, Ho bua McCarthy

McCarthy o tswela pele, “Empa jwalo ka ha ke tjholo, re ntse re na le dipapdi tse hlano tse re tobileng mme ha re ka bapala ka thata re ka hlola”.

McCarthy o ntse a tlilo kwetlisa sehlopha sa Harambee Stars ho fihlela tlholong ya bona jwalo ka ha ba ile ba bapala ka ho lekana le Gambia pele b aka hlolwa ka sontaha.

Kenya e setse ka dipapadi tse nne jwalo ka ha batlo bapala le sehlopha sa Gambia le Seychelles ka Mphalane pele ba ka etela Burundi ha mmoho le Ivory Coast Kgwedi e latelang.

Tsena kaofela di etsa dimatswao a 12 empa ho a una kaofela ho batla ho le thata nyana bakeng la McCarthy le bao a sebetsang le bona.