Bolo ea maoto

Ana Lebo Mothiba ose a kgutla Afrika Borwa

Sebapadi sa Bafana Bafana Lebo Mothiba o buile ka bolotsana mererong ya hae ya kamoso hara ditlaleho tse fanang ka maikutlo a hore dihlopha tsa PSL di batla ho fumana ditshebeletso tsa hae. Mothiba o kgutletse Afrika Borwa ka mora ho arohana le sehlopha sa For a RC Strasbourg.

Moshanyana ya dilemo di 28 o ntse a fola ka lebaka la leqeba la lengole le mo sitisitseng ho sebetsa ho tloha ka tshitwe ngwahola. Ho bile le ditlaleho tse mo amahanyang le ho falla ho Mamelodi Sundowns le Kaizer Chiefs. Empa sentshwantsho sa le tshwantshiso se thetsitse mashano, a tiisa hore o ikemeseditse ho kgutlela Europe.

O ile a etela sehlopha sa Bafana Bafana pele ho dipapadi tsa bona tsa ho ba le ditshwaneleho tsa Mohope wa Lefatshe wa FIFA kgahlano le Zimbabwe le Nigeria. “Ke tla dula ke ena le ditlhahiso Europe. Ke tla dula ke ena le dihlopha Europe,” o ile a bolella sehlopha sa SAFA Media. “hona jwale ke tsepamisitse maikutlo hodima leqeba la lengole. Ho fola le ho kgutla ke phetse hantle, ke ka hona haesale ke kgutlela Afrika Borwa, ke tsepamisitse maikutlo mme ke sebetsa hoseng ho hong le ho hong, letsatsi le leng le le leng. Ke tsamaya ka Sontaha feela, kahoo esale ke sebetsa letsatsi le leng le le leng.”

Translator: Molapo Karabelo