
Faurouk Khan o bua ka Bafana Bafana.
Mokwetlisi wa kgae wa sehlopha sa Kaizer Chiefs o bua ka sehlopha sa Bafana Bafana , mme o ile a ntha maikutlo a hae ka papadi eo sehlopha sa Bafana Bafana setlo teana le yona ka 2026. Nana ya Afrika Borwa e tlabe e bapala le Benin ka 2026, Mme ditlabe di paballa mohope wa lefatshe wa FiFa. Sehlopha sa di Cheetah sehla amahela sehlopha sa Bafana Bafana lebaleng la bona la dipapadi Abidjan hobane bafana bafana haena lebala la dipapadi le maemo a tshwanetseng papadi ya CAF.
Bafana Bafana etla bapala le sehlopha sa Benin ka boitshepo bi boholo ka mora hore ba hlole sehlopa sa naha ya Lesotho ka dintlha tse pedi ho Noto lebaleng la Peter Mkaba Stadium. Bahapi ba dikgau tsa AFCON tsa 2023 ba ile ba senya ka pele ho sepheo ka mora ho theha menyetla e seng mekae ya ho fumana dintlha empha ba kgonne ho fumana dintlha tse pedi fella ka Relebohile Mofokeng le Jaydam Adams karolong ya bobedi.
Faurouk o boletse hore o nahana hore tshebetso kgahlanong le Lesotho e ne ele ntle haholo, mme Bafana Bafana e bolokile bolo hantle, mme ka ho etsa jwalo ho theilwe menyetla e meholo. Khan o ile a bolella SoccerBeat Podcast hore matswanyeho a hae a maholo ke hore ha na qeta menyetla eo. Khan o ile a tswela pele a bolela hore ho ena ha hona le bahanyetsi ba tshwanang le naha ya Lesotho o tlameha hore o ba otle ka sabole.
Translator: Karabelo Molapo
