
papadi e lebelletsweng ke boholo ba batho
Pirates le Chiefs ka phetoho e kgolo ntweng Letsatsi leo e leng kgale le letetswe papading ya bolo ya lehae le se le fihlile.
Mme Orlando Pirates e entse phetoho e kgolo sehlopheng sa yona sa ho qala.
Orlando Pirates e etela Kaizer Chiefs lebaleng la FNB ha dinatla tsa lehae di ntse di lwanela ho fumana dintlha tse tharo ho Betway Premiership.
Dihlopha ka bobedi di ntse di batla dintlha tse phethahetseng papading ena, e lebelletsweng ho bapalwa ka pela lebala le phetheselang.
Ditekete tsa papadi di rekisitswe dibeke tse pedi pele ho letsatsi, e leng sesupo sa bohlokwa ba yona ho balatedi.
Sehlopha sa lapeng, Kaizer Chiefs, hajwale se kantle ho tse robedi tse hodimo liking.
Ba hloka dintlha tsena ho kgutlela morao, ho leka ho matlafatsa boemo ba bona le ho qoba dihlong tse etsahetseng selemong se fetileng.
Marena a qetile a le ka ntle ho tse nnè tse hodimo selemong se fetileng, e leng se ileng sa qobella hore ho etswe diphetoho tse kgolo sehlopheng.
Dibapadi le bakwetlisi ba ‘mmalwa ba ile ba lelekwa, kaha Nasreddine Nabi, ya fihlileng a e-na le tlaleho e ntle qalong ya nako, jwale o nkelwa sebaka.
Leha ho le jwalo, ntlo e ntse e dutla, kaha ho bonahala eka ha e kgone ho lokisa marulelo, e leng ho kenya metsi ka tlung.
- BALA HAPE: Nabi ore Chiefs ke Sehlopha se seholo
Ka lehlakoreng le leng, Pirates e batla ho thibela Mamelodi Sundowns ho atolosa sekgeo seo e se siileng sehlohlolong sa log.
- Translater: Karabelo Molapo
- Etswa ho: http://Soccer Laduma.co.za
