
Cardoso o bua ka Lebo Mothiba
Miguel Cardoso o senola se ileng sa diehisa Lebo Mothiba ho fallela Sundowns
Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns, Miguel Cardoso, o senotse lesedi la bohlokwa ka motshabi Lebo Mothiba, ya sa tswa kena sehlopheng sena.
Mohlankana ya dilemo di 29 o ile a ikopanya le Sundowns ka konteraka ya nakwana di kgweding tse mmalwa tse fetileng empa ha a e-so bapala.
Hona jwale Miguel Cardoso o re o batla ho bapala Lebo Mothiba, empa monyetla wa hore sena se etsahale pele sehla sena se fela o bonahala o fokola.
Ma-Brazilians a ile a fa mohlasedi eo, ya neng a bapalla Strasbourg, konteraka kaha e ne e se e le nako e telele a se na sehlopha.
Lebo Mothiba ha a so bapala papadi ya semmuso ho tloha ka Tshitwe 2023, empa Miguel Cardoso o ikemiseditse ho mo sebelisa di bekeng tse mmalwa tse tlang.
Cardoso o boletse hore o na le tshepo haholo hobane Mothiba ke sebapadi sa maemo a hodimo.
Cardoso o tswetse pele a Hlalosa hore Lebo ke sebapadi sa maemo a hodimo empa ha a so bapale nako e telele, o lemetse nakwana mme ho mo nkile nako e telele hore a fole.
Cardoso o e keditse ka hore Lebo Ke sebapadi seo ho tlamehwang hore ba be hlokolosi le sona mme ba ikemiseditse ho etsa jwalo.
O hlalositse hore ke motho ya makatsang nme ba thabela ho ba le eena hara bona.
Empa ba hloka ho mo fa tšhehetso yohle eo a ka e kgonang hore a hlaphohelwe le ho ba thusa nakong e tlang.
Cardoso o hlalositse hore o n tse a lebelletse hore a bapalle pele sehla sena se fela.
Mokwrtlisi wa Sundowns o senotse hore Mothiba o kgonne ho fumana metsotso e seng mekae papading ya botswalle mafelong a beke.
- BALA HAPE: Orlando Pirates e hlotse Kaizer Chiefs
Cardoso o qetetse ka hore maobane, dibapadi tse neng di se na bona kampong di ile tsa hlophisa papadi ya botswalle le sehlopha sa Diski.
