Bolo ea maoto

Hugo Broos o qheletse bapadi tsa Kaizer Chiefs ka ntle

Mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos o senotse mabaka a ho qhelela dibapadi tsa Kaizer Chiefs ka thoko sehlopheng sa hae sa morao-rao.

Dibapadi tse tharo tsa Chiefs, Mduduzi Shabalala, Yusuf Maart le Bruce Bvuma, ba ne ba le sehlopheng sa pele sa Hugo Broos bekeng e fetileng.

Empa ha a phatlalatsa sehlopha sa ho qetela ka Labone, dibapadi tsena tsa Chiefs di  ile tsa siwa kantle.

Kaha Chiefs e sa tswa hapa Nedbank Cup, ho ne ho nahanwa hore dibapadi tsa yona di tla kenyeletswa sehlopheng sa dipapadi tsa botswalle tse tlang.

Ntho e nngwe e neng e lebelletswe ho bulela Chiefs sebaka ke hore ha ho dibapadi tsa Mamelodi Sundowns tse neng di bitswa sehlopheng sa morao-rao.

Bafana Bafana ya Hugo Broos e tla tobana le Tanzania ka la 6 Phuptjane le Mozambique matsatsi a mane hamorao.

Mokwetlisi wa Bafana o tiisitse hore ha a ka a bitsa dibapadi tsa Sundowns hobane ba ha Mohope oa Lefatshe wa FIFA Club ka Phuptjane.

Leha ho le jwalo, leha sehlopha sa Sundowns se ne se le siuwe, sebaka sa dibapadi tsa Chiefs ha sea ka sa bonahala.

“Ho nna, hajwale, nkeke ka kgetha dibapadi tsa Kaizer Chiefs,” ho boletse Hugo Broos.

“Mme ke tshepa hore ba tla ba le sehla se betere selemong se tlang.

“Ho lokile, ba hapile mohope, empa ke nahana hore e ne e le yona feela ntlha ya bohlokwa sehleng sa Chiefs.

“Tsohle tse ding di ne di se ntle jwalo. Ha ke nahane … Ho lokile, balatedii ba thabile haholo hobane ba hapile senoelo.”

Empa re tlameha ho bua nnete, mme ha ke na bothata le Chiefs… Ke tlameha ho tshepahala dikgethong tsa ka.

“Hangata dintho ha dia ka tsa tsamaela Chiefs hantle. Ntle le moo, sehlopha sekang Chiefs ha sea lokela ho ba palo 9 ho log.”

  • Translator: Karabelo Molapo