Bolo ea maoto

Hugo Broos o bua ka Mamelodi Sundowns

Broos o dumela hore Mamelodi Sundowns e lokela ho etsa diphetoho tse kgolo ha e batla ho hlola CAF Champions League hape.

Haufinyane tjena Sundowns e hlotsoe 3-2 ka kakaretso ho Pyramids FC papading ya ho qetela, leha ho bile le letsholo le matla.

Broos o thoholetse boleng le boqhetseke ba Pyramids, a re ke bahanyetsi ba thata.

Broos o lebohile kgatelopele ya Sundowns, a re ba lokela ho ba motlotlo ka letsholo la bona.

Leha ho le jwalo, o hatelletse tlhokahalo ya ho nahanisisa le ho fetoha ho fihlela sepheo sa bona sa ho hapa CAF Champions League.

Ho ya ka mokwetlisi enwa, Sundowns e dutse e fihlile maemong a ho qetela a tlhodisano empa ha e so kgone ho hapa setloholo.

Tlhōlo ena ya morao-rao e tšhwaya tahlehelo ya bona ya bobedi ya CAF Champions League, mme tlhōlo ya bona feela e tla ka 2016.

Sundowns jwale e tla ipopa hape mme e ikemisetse ho atleha ka 2026.

Ho sa tsotellehe ho swaba ha makgaola-kgang, Hugo o dumela hore Sundowns e bontshitse tshepiso le bokgoni tlhodisanong.

Ka diphetoho tse ling, o dumela hore di ka tsamaya hantle nakong e tlang.

Ka lehlakoreng le leng, Pyramids e ketekile tlholo ya bona ya bone ya sehlopha sa Egepeta tlholisanong tlasa mokhoa wa mahlale wa mokeetlisi Krunoslav Jurčić.

  • Translator: Karabelo Molapo