Bolo ea maoto

Forose ya mehleng ya Chiefs e batlwa ka mona le ka mane

Forose ya mehleng ya Kaizer Chiefs Ranga Chivaviro o batlwa ka mona le ka mane jwaloka ha a sena sehlopha.

Chivaviro o nyahladitswe ke Amakhosi ha selemo sa dipapadi se feela ka Phupjane jwaloka ha le kontraka ya hae e ne e fihla pheletsong.

O qetile dilemo tse pedi sehlopheng sa Chiefs moo dintho di sa kang tsa motsamaela hantle.

Chivaviro o kgonne feela ho hlaba dintlha tse robong dipapading tse 45 tseo a dibapetseng ho Chiefs.

Jwale, iDiski Times e tlaleha hore Chivaviro o hohetse Siwelele FC, Azam FC ya Tanzania ha mmoho le Zakho SC ya Iraq.

Siwelele FC ke sehlopha se rekileng boemo ba SuperSport United mme kgahleho ya sona ho Chivaviro ha e makatse.

Lebaka ke hore Bradley Grobler le Terrence Dzvukamanja e keke ya eba karolo ya sehlopha seo.

Grobler o se a tekenne le Sekhukhune United kganthe Dzvukamanja yena o kgutletse ha habo Zimbabwe.

Ditabeng tse ding, mokwetlisi wa mehleng wa dibapadi tsena – Grobler le Dzvukamanja – monghadi Gavin Hunt o phatlaladitswe jwaloka mokwetlisi e motjha wa Durban City.