Bolo ea maoto

Cape-Town Spurs e nkile Qeto ya Hoya Lekgotleng la Dinyewe

Cape Town Spurs ha e kgutlele morao ntweng ya bona kgahlano le Durban City.

Lehlakore le theohileng boemong ba Motsepe Foundation Championship le se le kentse dipampiri Lekgotleng le Phahameng la Johannesburg.

Mohato ona o tla kamora hore Premier Soccer League (PSL) le SAFA ka bobeli ba hlakole litletlebo tsa bona.

Spurs e phephetsa ho nyollela Durban City ho Betway Premiership.

Ba bolela hore Durban City e sebedisitse sebapadi se neng se sa tshwanelehe, Saziso Magawana, nakong ya selemo.

Ho ya ka Spurs, Magawana ha a ngodiswa hantle.

Magawana e saennwe ke Durban City ho tswa Marumo Gallants.

Empa kaha Gallants ba ne ba rekisitse boemo ba bona ho Leruma United, Spurs e dumela hore tumello ya Magawana e ka be e fanwe ke ba morao.

Leha ho le jwalo, PSL e ne e se e shebile taba ena ka mora tletlebo e tshwanang le ya JDR Stars Mme ya fumana ho se phoso.

Cape Town Spurs jeale e ile ya nka taba ena ho ya ho tsekisano le SAFA.

Empa moahlodi o ile a boela a etsa qeto molemong wa Toropo ua Durban mme a laela Spurs ho lefella ditshenyehelo tsa molao.

Leha ho na le ditshitiso tsena, Cape Town Spurs jwale e fetiseditse taba ena Lekgotleng le Phahameng.

Maikemisetso a bona ke ho thiba mokgahlelo wa ho phahamisa PSL ho fihlela taba e rarollwa.

Ntwa ena ya molao e kanna ya dieha ho qala ha sehla se setjha.

Durban City, e hapileng Motsepe Foundation Championship, e ikemiseditse ho nyolohela maemong a hodimo.

Empa Cape Town Spurs e dumela hore tshebediso ya Magawana e ba file monyetla o sa lokang.

Ho sa ntse ho tla bonahala hore na lekgotla le tla arabela jwang kgatong ena ya morao-rao ya molao.

Hajwale, ntwa ya hore na ke mang ya tshwanelwang ke sebaka ho Betway Premiership e ntse e tswela pele – kantle ho lebala.

Haeba Durban City e ka fumanwa e entse phoso ka ngodiso ya  Magawana, ho ka bolela hore ho theolwa ha Cape Town Spurs ho kgutliseditswe morao.

  • Translator: Karabelo Molapo