Bolo ea maoto

Kaizer Chiefs e tobane le Qeto e boima mabapi le Sipho Mbule

Chiefs e tobane le qeto e boima mabapi le Sipho Mbule ya nang le dikgang.

Kaizer Chiefs jwale e na le pitso e kgolo eo e lokelang ho e etsa: na ba lokela ho saena Sipho Mbule kapa tjhe?

Sebapadi sena se nang le talenta se sa tswa lokollwa ke Mamelodi Sundowns kamora letoto la ditaba tsa kgalemelo.

O qetile sehla se fetileng a adima Sekhukhune United empa a lokollwa esale pele ho latela ditlaleho tsa boitshwaro bo bobe, ho kenyeletswa le ho iponahatsa jiming a sa tshwanelehe ho ikwetlisa.

Sundowns e nkile qeto ya ho se ntjhafatse konteraka ya hae mme ya mmolella hore a batle sehlopha se setjha.

Moemedi ea hae, Mike Makaab, esale a sebetsa ho mo fumanela qalo e ntjha, mme o lahlile ditlaleho tse mpe, a re Mbule o ahlolww ka leeme ho latela dophoso tsa nako e fetileng.

Ba bang  ba balatedi ba dumela hore ngwaana ya dilemo di 26 o tshwanelwa ke monyetla wa bobeli Naturena, ha ba bang ba tshaba hore e ka ba tshusumetso e mpe ka kamoreng ya ho rwala.

Mofelong ba beke, Ditlaleho di ne di amahanya Mbule le Kaizer Chiefs.

Qalong, Makaab o ile a latola menyenyetsi eo.

Leha ho le jwalo, hamorao o ile a tiisetsa hore dipuisano di bile teng.

“Kaizer Chiefs e na le monyetla wa ho tekena Sipho Mbule,” Makaab a rialo.

“Jwale ho ho sehlopha ho etsa qeto, mme re tla e hlompha.”

Chiefs haufinyane e lokolotse dibapadi tse mmalwa bakeng sa ditaba tse tshwanang kantle ho lebala, ho kenyeletswa moratuwa wa balatedi Dumisani Zuma.

Sena se etsa hore qeto e mabapi le Mbule e be hlokolosi le ho feta.

Hona jwle sehlopha se tlameha ho lekola kotsi ea ho saena sebapadi se nang le rekoto e kgathatsang kgahlano le monyetla wa ho ntjhafatsa mosebetsi wa e mong wa dibapadi tsa bohareng tse nang le bokgoni ba mehleng ya hae.

  • Translator: Karabelo Molapo