
Bobby Motaung ore sehlopha se fetotse mokgwa wa ho etsa dintho
Motsamaisi wa bolo ya Kaizer Chiefs Bobby Motaung o re sehlopha se fetotse mokgwa wa sona wa kgale wa ho tsebahatsa dibapadi, mme ba ikemeseditse hore ba fetole di ntho tse ngata ka hara sehlopha hore ba tle ba fumane tlholo.
O ile a dumela hore ho kgetholla le ho tekena dibapadi ha e sa le mosebetsi wa motho a le mong.
Motaung ha a bua le Marawa Sports Worldwide o hopola matsatsi ao Kaizer Chiefs e neng e tsebahala ka ho tekena dibapadi tse hlwahlwa ho tswa dinaheng tsa boahelani.
Hangata ba ne ba fumana dibapadi mahala kapa ka tefiso e nyane, ho seo balatedi ba bangata ba se bitsang nako ya “Buy one, Get one Free”.
Mokgwa ona o ile oa tlisa dinaledi tse kang Tinashe Nengomasha, Knowledge Musona, le Collins Mbesuma – ba thusitseng sehlopha ho hapa dikgau tse ngata.
Leha ho le jwalo, Motaung o re papadi le tsela eo e tsamaiswang ka yona di fetohile haholo hona jwale.
Kaizer Chiefs jwale e sebetsa le sehlopha sa bakwetlisi, le sehlopha sa botsamaisi se etsang qeto ya kopanelo ya ho tsebahatsa dibapadi.
E hloka maikutlo ho tswa ho mokwetlisi, motsamaisi wa dipapadi Kaizer Motaung Jr., bahlahlobisisi, le di-scouts.
Ho na le motsamaisi wa dipapadi. Haeba ke sa bue, wa bua. Haeba mokwrtlisi a sa bue, motlatsi wa hae wa bua,” ho boletse Motaung.
“Ha e sa le Bobby ya yang morung a se na letho haese leihlo le ntjhotjho ebe o kgutla le sebapadi.
“Ha ho bonolo hakaalo. Ho na le thekenoloji, ho na le dipalo-palo, ho na le tumellano.”
“Esita le mokwetlisi o kopa bahlahlobisisi hore ba hlahlobe sebapadi. Ho hira ho fetohile.
“Ha se Bobby, Ngaka Khumalo kapa Ace Khuse ba kenang morung feela ba kgutlisa sebapadi,” a rialo.
- Translator: Karabelo Molapo
