Bolo ea maoto

Jessica Motaung o bua ka Boemo ba Nasreddine Nabi

Mookamedi wa kgwebo le papatso wa Kaizer Chiefs, Jessica Motaung, o tiisitse hore boemo ba Nasreddine Nabi jwalo ka mokwetlisi ha bo so netefatswe.

Sena se etsahala leha mokwetlisi a etelletse pele Amakhosi ho hapa mohope wa bona wa pele ka mora dilemo tse leshome – ba hapile Mohope wa Nedbank.

Hona jwale Nasreddine Nabi o hlokometse ditokisetso tsa pele ho nako ya selemo, ho kenyelletsa le leeto le tlang la Netherlands.

Dibapadi di ile tsa hlahlojwa bophelo bo botle Naturena bekeng ena. Empa Jessica o hlakisitse hore sehlopha se ntse se tla hlahloba tshebetso ya mokwetlisi.

O buile le boraditaba ha ho ne ho thakgolwa Mohope wa Toyota, oo Chiefs e tla e bapala le Asante Kotoko ya Ghana ka Phupu.

“Nabi o teng Motsaneng, mme re tla etsa bonnete ba hore  o ya Netherlands,” ho boletse Jessica.

“Empa ho sa ntse ho lokela hore ho etswe tlhahlobo ya tshebetso ya hae ka kakaretso. Re tla sheba tshebetso yohle.”

Leha Chiefs e hapile Mohope wa Nedbank wa 2025, e qetile ya bo-10 ho Betway Premiership, e ile ya fetwa ke MTN8 sehleng sa bobedi ka tatellano.

Ho qeta la borobong kapa la leshome ha ho molemo. Eo ke karolo ya dipuisano tse thata tseo re nang le tsona re le sehlopha,” ho boletse Motaung.

“Ha re batle ho iphumana re le boemong boo hape. Re ikemiseditse ho etsa diqeto tse boima ho kgutlela sehlohlolong sa bolo ya maoto Afrika Borwa le Afrika.”

Jessica o boetse a senola hore ho na le dibapadi tse ntjha tse fihlileng Naturena le hoja di so ka di tsebahatswa ka molao, mme ba ikemiseditse tsona haholo dipapadi tseo.

Hara bona ho dumelwa hore ke Ethan Chislett, Thabiso Monyane, le Paseka Mako.

  • Translator: Karabelo Molapo