Bolo ea maoto

Chippa United e entse diphetoho sehlopheng

Chippa United e netefaditse diphetoho sehlopheng sa bona sa pele ka tokollo ya dibapadi tse 18, ho kenyeletsa le sebapadi se nang le boiphihlelo, Andile Jali.

Sehlopha sena sa Eastern Cape se entse tsebiso ka Labobedi thapama metjheng ya ditaba tsa setjhaba, sena se tshwaya qalo e ntjha tlasa mokwetlisi e motjha Sinethemba Badela le molaodi wa sehlopha Sinesipho Mali.

Badela o ile a ikopanya le Chippa ho tloha ho ba motlatsi wa Rulani Mokwena Wydad Athletic ya Morocco, ha Mali e ntse e sebetsa le Bafana Bafana.

Hara ba tlohileng ke bo-Aphele Teto ba adimang tjhelete, Siphelo Baloni, le Sonwabile Khumalo.

Ka boraro ba bona ba ile ba kgutlela dihlopheng tsa bona tse fapaneng ha nako ya bona ya dikadimo e fedile.

Teto o kgutlela sehlopheng sa Scottish Premier League Livingston FC a saletswe ke dulemo tse pedi konteraka ya hae.

Baloni le Khumalo ba tla kgutlela ho dinatla tsa Soweto Orlando Pirates moo ba nang le konteraka.

Ho tsamaya ha Jali ho tshwaya pheletso ya bolo ya hae ho Chilli Boys, mme ha ho hlake hore na o tla tssela pele ho bapala kapa a tlohele bolo ya maoto.

Ho sisinyeha ha sehlopha ho tla nakong eo Chippa United e itokisetsang sehla se tlang ka sepheo se hlakileng sa ho aha botjha.

“Chippa United e tiisa ho tloha ha dibapadi pele ho nako ya 2025/26,” ho bala polelo ya sehlopha.

“Re ka netefatsa ho tsamaya ha dibapadi tse mmalwa ha dikonteraka tsa bona le sehlopha di fela qetellong ya sehla sa 2024/25.”

  • Translator: Karabelo Molapo