Bolo ea maoto

Chiefs e tshwara kopano ya kaho ya sehlopha pele 

Motataisi wa Kaizer Chiefs Nasreddine Nabi o re kopano ya bona ya kaho ya sehlopha lebaleng la Zwartkop Raceway ho la Centurion ka Labobedi e bile bohlokwa haholo pele ho ntwa ya bona ya Betway Premiership kgahlano le Mamelodi Sundowns.

Dihlopha tsena tse pedi di kwaletse dinaka ka tlase ho 10km ho tloha lebaleng la mabelo lebaleng la Lucas Moripe Atteridgeville kopanong ya bona ya boraro sehleng sena.

Nabi o re kamora papadi ya 4-1 eo ba bileng le yona kgahlano le SuperSport United, ba ne ba hloka ntho e ikgethang jwalo ka ena.

“Ho bua nnete, ona ke monyetla o moholo ho nna hobane re fumane sephetho se sebe haholo papading e fetileng mme pele ho papadi e kgolo le Sundowns, re na le Toyota e fang sehlopha monyetla ona mme matsatsi a ho aha sehlopha a bohlokwa haholo,” Nabi o boletse.

“Le bone difahleho tsa dibapadi kajeno, di thabile haholo, mme ketso ena e re thusitse haholo pele ho papadi ya Sundowns.”

BALA Hape: Nabi o rorisa Mmodi kamora hore Chiefs e hlole

Desiree Ellis o batla ho bapala dipapading tse nne pele ho WAFCON Ka batshehetsi ba Chiefs, Toyota Afrika Borwa, dibapadi di ile tsa kena lebelong la Zwartkop Racetrack le ho tjhentjhana ho matha ka dikoloi tse tsheheditsweng ka ditjhelete.

  • Source: SABC Sport
  • Translated by: Masole Mabaleka