Bolo ea maoto

Sehlopha sa Cape Town City se ikemiseditse ho ngodisa Thulani Serero

Mokwetlisi wa Cape Town City Muhsin Ertugral o re o ikemiseditse ho ngodisa sebapadi sa bona se setjha Thulani Serero ho matlafatsa ho bapala ha bona.

Serero o kgutletse ho PSL kamora ho tsamaya ka 2011 a ya ho Ajax Amsterdam pele a ilo batla ho hodisa mosebetsi wa hae.

Kamora tlholo ya bona e ntle ho Betway Premiership, ba hlola Amazulu ka ntlha tse pedi ho noto(2-0), mokwetlisi Ertugral o kgolwa hore tsebo ya Serero e tla ba molemo ho bona.

“Ke buile le Emirates le sehlopha seo ke tswang ho sona sa Benghazi mme ke fumane ditaba tse monate haholo ka yena, ebile o ntse a ikwetlisa ho bolelang hore o tla bapala le rona, re mo kwetlisitse makgetlonyana a mmalwa.” Ho rialo Ertugral.

“Bothata ba rona bo mane mahareng, ho tshwareng bolo, ho na le nako moo o bonang Thabo Nodada le Fortune Makaringe ba le ka lebaleng mme papadi e ne e le taolobg e ntle haholo.”

BALA Hape: Rassie van der Dussen o bua ka monyetla wa India ho Champions Trophy.

Source: www.sabcsport.com

Translator: Masole Mabaleka