
Sundows e otlolloha e leba ho dintlha tse 15 kamora ho fiella
Mamelodi Sundowns e hlotse ka 4-2 ho Sekhukhune United lebaleng la kgale la Peter Mokaba ka Laboraro mantsiboya mme e ya pele ho Betway Premiership ka ntlha tse 15 .
Tlholo ena, papadi ya bo 17 ho tse 19 tsa Sudowns tsa liki sehleng sena, ho lebuuwaThapelo Morena, Lucas Ribeiro le Arthur Sales ka dintlha tsa bona.
Orlando Pirates, bahlodisani ba bona ba haufinyana, ba ena le bonyane dipapadi tse nne tse setseng empa Sundonws ha e ntse e hlola, ho bonahala ekare bompudi ba borobedi ba PSL bo latellanang e ka ba ba bona.
Bakeng sa Babina Noko, leha ba hlotswee, ba dula ba le sebakeng sa boraro tafoleng kamora tlholo ya bona ya botshelela ya liki.
Sundowns e ile ya qala papadi ka matla mme e etelletse pele ka motsotso wa bo 16.
Thapelo Morena, o ne a eme ka lebokoseng, o fumanwe ke pass e tshekalletseng e tswang ho Jayden Adam.
Morena o ile a laola bolo ka sefuba pele a e beha kamora sethibathibane Badra Ali Sangare mme a etsa boetapele ba 1-0.
BALA Hape: Chiefs e tshwara kopano ya kaho ya sehlopha pele
Le hoja Sundonws e ne e batla ho ba taolong, ba ile ba nka karolo e ka thibang ka motsotso wa bo mashome a 35.
- Source: www.sabcsport.com
- Translator: Masole Mabaleka
